TSOHA! March 2013 | Kamoo U ka Bang Ntate ea Molemo
Bo-ntate ba bangata ba hlokometse hore ba rua molemo hammoho le malapa a bona, ha ba latela keletso ea Bibele.
Tsa Mona le Mane
Lihlooho li akarelletsa: Ho felisa tlala, ho imeloa kelellong mosebetsing le moea o silafetseng metse-meholo ea Chaena.
SEHLOOHO SE KA NTLE
Kamoo U ka Bang Ntate ea Molemo
Hlahloba melao-motheo e mehlano ea Bibele e ka u thusang hore u be ntate ea ratang bana ba hae le ea etsang lintho ka tsela e leka-lekaneng.
Khama —Phoofolo e Khōlō ea Morung
U tla hlolloa ke chebahalo e ikhethang ea phoofolo ena e khōlō le e matla.
SEO BIBELE E SE BUANG
Litšoantšo Tse Litšila Tse Tsosang Takatso
Haeba u batla ho thabisa Molimo, ithute hore na o ikutloa joang ka ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso.
SE KA THUSANG MALAPA
Kamoo U ka Behelang Mocha Melao
U lokela ho etsa eng haeba ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a lula a halefisoa ke melao ea hao?
TSA MEHLENG EA KHALE
Robert Boyle
E ne e le setsebi sa k’hemistri le rasaense ’me a e-na le tumelo e matla Bibeleng le ho Molimo.
NA E ENTSOE?
Pono e Lerootho ea Sekho se Qhomang
Sekho see se khona joang ho lekanya hantle bohōle ba sebaka? Ke hobane’ng ha bafuputsi ba batla ho etsisa mokhoa oa sekho see?
Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng
U ka Khaotsa Joang ho Lieha ho Etsa Lintho?
Fumana likeletso tsa kamoo u ka khaotsang ho lieha ho etsa lintho!
Lota le Lelapa la Hae—Pale ea Bibele e Tsamaisanang le Litšoantšo
Ikopiletse pale ena ’me u bone hore na u ka ithuta’ng ho Lota le lelapa la hae.