Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Na li Entsoe?

Litho Tsa Kutlo Tsa Black Fire Beetle

Litho Tsa Kutlo Tsa Black Fire Beetle

Ha meru e cha, liphoofolo tse ngata lia baleha, empa ho cha hoo ho hohela likokoanyana tse bitsoang black fire beetle. Hobane’ng? Hobane lifate tse sa tsoa cha, ke libaka tse loketseng tseo likokoanyana tsena li behelang mahe ho tsona. Ho feta moo, mollo o etsa hore lintho tse jang likokoanyana tsena li balehe, e leng se etsang hore li je ka bolokolohi, li ikatise le ho behela mahe a tsona li sireletsehile. Empa ho tla joang hore li-black fire beetle li fumane meru e chang?

Litho tsa kutlo tse khonang ho utloa maqhubu a mocheso

Ak’u nahane: Haufi le maoto a bohareng a fire beetle, ho na le litho tsa kutlo tse bitsoang li-pit organ tse khonang ho utloa maqhubu a mocheso a tsoang morung o chang. Mocheso oo o futhumatsa litho tsa kutlo tsa kokoanyana ena ’me li etsa hore e tobe moo malakabe a leng teng.

Empa likokoanyana tsena li boetse li na le litho tse ling tsa kutlo tse etsang hore li khone ho tseba moo ho chang. Ha lifate tseo li li ratang li cha, manaka a tsona a khona ho utloa esita le mokelikeli o monyenyane haholo oa lik’hemik’hale tse itseng tseo mollo o li ntšetsang moeeng. Ho ea ka bafuputsi ba bang, li-black fire beetle li ka sebelisa manaka a tsona ho fumana sefate se kunkelang mosi se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 0,8. Ha li sebelisa litho tsa tsona tsa kutlo kaofela, likokoanyana tsena li khona ho fumana meru e chang e bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 48!

Bafuputsi ba ithuta lithong tsa kutlo tsa kokoanyana ea black fire beetle le manakeng a eona e le hore ba ntlafatse lisensara tse utloang maqhubu a mocheso le mollo. Lisensara tse tloaelehileng li lokela ho theoloa mocheso e le hore li sebetse, kahoo, kokoanyana ena e tla thusa borasaense hore ba etse lisensara tse sebetsang hantle le ho feta le mochesong oa ka tlung. Manaka a likokoanyana tsena a susumelitse lienjiniere hore li etse lisensara tse utloang mollo kapelenyana le tse khonang ho lemoha ha mollo o bakiloe ke lintho tse metseng morung kapa lik’hemik’hale tse itseng.

Bafuputsi ba hlolloa ke tsela e ikhethang eo ka eona black fire beetle e fumanang libaka tsa ho behela mahe. E. Richard Hoebeke, e leng setsebi se ithutang ka likokoanyana tsa mofuta ona Univesithing ea Cornell, United States o ile a botsa a re: “Likokoanyana tsee li fumane hokae bokhoni ba ho behela mahe ka tsela ee? Nahana kamoo re tsebang ho honyenyane kateng ka likokoanyana tse nang le litho tsa kutlo tse sebetsang hantle haholo le ka tsela e rarahaneng.”

U nahana’ng ka see? Na bokhoni ba black fire beetle ba ho lemoha meru e chang bo bile teng ka tšohanyetso? Kapa na bo entsoe?