Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dengue—Boloetse bo Kotsi bo Ntseng bo Ata

Dengue—Boloetse bo Kotsi bo Ntseng bo Ata

Dengue—Boloetse bo Kotsi bo Ntseng bo Ata

“Litšebeletso tsa Bophelo tsa Morelos . . . , ka tšebelisano-’moho le Lefapha la Bophelo la Lekhotla la Motse oa Emiliano Zapata, le fa Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova setifikeiti  . . . ka hore e be [Lipaki] li sebetsa ’moho ho boloka jarete e hloekile ebile e se na libaka tseo menoang e jalang boloetse ba dengue e ka ikatisang ho tsona.”

KE HO utloahalang hore ba boholong Mexico ba khathatsehe ka menoang e jalang mafu. Likokoanyana tsena tse nyenyane tse leqoophe li ka fetisa kokoana-hloko e kotsi e bakang dengue, e leng boloetse bo ka behang bophelo kotsing, boo ka 2010 bo ileng ba hlasela batho ba fetang 57 000 Mexico. Mexico ke e ’ngoe ea linaha tse 100 tseo boloetse ba dengue bo atileng ho tsona. Ha e le hantle, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) o hakanya hore mohlomong ke batho ba ka bang limilione tse 50 lefatšeng ka bophara ba tšoaetsoang ke boloetse bona selemo le selemo le hore hoo e ka bang baahi ba babeli ho ba bahlano lefatšeng, ba kotsing ea ho tšoaetsoa ke boloetse bona. Ka lebaka leo, litsebi tsa bophelo bo botle li qalile mananeo a ho bolaea menoang e letheba le lesoeu e bitsoang Aedes aegypti, e leng e ’ngoe ea likokoanyana tse fetisang kokoana-hloko ea dengue. *

Boloetse ba Dengue bo atile haholo linaheng tse chesang tse mongobo le meeling ea tsona, haholo-holo nakong ea lipula le ka mor’a hore ho be le likoluoa tsa tlhaho tse kang leholiotsoana kapa likhohola. Sena se bakoa ke hore monoang o motšehali oa Aedes o behela mahe kae kapa kae moo ho nang le metsi a emeng. * Kaha batho ba linaheng tsa Latin America le Caribbean ba bokella metsi ao ba a sebelisang litankeng tse entsoeng ka konkreite, litsebi tsa bophelo li ba khothalletsa hore ba lule ba koetse litanka tseo. Seo se thibela menoang hore e se ke ea ikatisetsa ka ho tsona. Batho ba boetse ba thibela ho ata ha menoang ha ba boloka lijarete tsa bona li hloekile ’me li se na lintho tse kang lithaere tsa khale, makotikoti, lipitsa tsa lipalesa le liemere le likotlolo tsa polasetiki—eng kapa eng e ka bolokang metsi a emeng.

Ho Khetholla Boloetse ba Dengue le ho bo Hlōla

Hangata boloetse ba Dengue ha bo hlokomelehe habonolo hobane matšoao a bona a tšoana le a ntaramane. Empa ho ea ka WHO, u lokela ho belaella hore u na le boloetse ba dengue haeba u na le feberu e tsamaisanang le lekhopho, bohloko bo ka mor’a mahlo le mesifeng hammoho le ho opeloa ke manonyello. Motho a ka nka matsatsi a mahlano ho isa ho a supileng a tšoeroe ke feberu ena.

Lingaka ha li e-s’o fumane pheko ea boloetse ba dengue, empa hangata bo ka phekoloa lapeng ka hore motho a phomole a be a noe metsi a mangata. Leha ho le joalo, bakuli ba lokela ho lula ba behiloe leihlo, e le hore ho bonahale haeba ba ba le feberu e etsang hore motho a lutlele mali ka hare kapa a ba le ho tepella ho bakoang ke dengue. Maloetse ana a kotsi le a ka ’nang a bolaea motho, a bonahala hamorao ha feberu e kokobela ’me ho se ho bonahala eka mokuli oa hlaphoheloa. Ke matšoao afe a mang a ka bonahalang haeba motho a na le maloetse aa? Lehlaba le bohloko mpeng, ho hlatsa ho sa khaotseng, ho tsoa mokola le mali mareneneng, mantle a matšo le machachetsi a bofubelu bo isang bophereseng a tsoang ka tlas’a letlalo. Ho phaella moo, motho ea nang le boloetse ba ho tepella bo bakoang ke dengue o bonahala ka ho hloka botsitso, ho nyoroa haholo, letlalo le pulufetseng le batang le khatello e tlaase haholo ea mali.

Ka masoabi, moriana o thibelang likokoana-hloko o hlōleha ho phekola boloetse bona ba dengue hobane ke tšoaetso e bakoang ke livaerase, eseng libaktheria. Hape, ke bohlale hore mokuli a qobe ho sebelisa litlhare tse kokobetsang bohloko, tse kang aspirin le ibuprofen, kaha li ka ’na tsa etsa hore a tsoe mali haholo. Ho na le mefuta e mene ea boloetse ba dengue, ’me e ka tšoara motho ka makhetlo.

Haeba u tšoaroa ke boloetse ba dengue, phomola ka ho lekaneng ’me u noe metsi a mangata. Hape, lula tlas’a nete e thibelang menoang ka hohle kamoo u ka khonang, e le hore menoang e se ke ea u loma eaba e fetisetsa boloetse ho batho ba bang.

U ka etsa’ng hore u se ke ua longoa ke menoang? Apara liaparo tse matsoho a malelele, marikhoe le mese e melelele hape u itlotse ka lintho tse lelekang menoang. Le hoja menoang e loma ka nako le ha e le efe, e ba mengata haholo lihora tse peli ka mor’a hore letsatsi le chabe le lihora tse peli pele le likela. Hape, ho robala ka tlas’a nete e thibelang menoang e tšetsoeng ka moriana oa ho e leleka ho ka u sireletsa.

Mohlomong ha nako e ntse e ea, ho tla ba le ente e thibelang lefu la dengue. Leha ho le joalo, qetellong ’Muso oa Molimo o tla felisa maloetse ’ohle, ho akarelletsa feberu ena. Ka sebele nako e tla tla eo ka eona Molimo a “tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Linaheng tse ling, mefuta e meng ea menoang e kang Aedes albopictus, le eona e ka fetisa kokoana-hloko ea dengue.

^ ser. 4 Hangata menoang ea Aedes ha e tsamaee sebaka se selelele ho tloha moo e qhotselitsoeng teng.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ela Hloko Libaka Tseo Menoang e ka Ikatisang ho Tsona

1. Lithaere tse lahliloeng

2. Lintho tse khakeletsang metsi a pula tse marulelong a ntlo

3. Lipitsa tsa lipalesa

4. Liemere le likotlolo tsa polasetiki

5. Makotikoti a lahliloeng le meqomo

Etsa Hore U se ke Ua Longoa ke Menoang

a. Apara liaparo tse matsoho a malelele, marikhoe le mese e melelele. Itlotse ka lintho tse lelekang menoang

b. Robala ka tlas’a nete e thibelang menoang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Source: Courtesy Marcos Teixeira de Freitas