Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?

Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?

Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?

MOPROFESA Richard Dawkins, rasaense ea hlaheletseng oa thuto ea ho iphetola ha lintho o re: “Taba ea ho iphetola ha lintho ke ea sebele feela joaloka ho chesa ha letsatsi.” Ke ’nete hore liteko tse etsoang le ho hlokomela se etsahalang ho fana ka bopaki ba hore letsatsi lea chesa. Empa na ho etsa liteko le ho hlokomela se etsahalang ho fana ka bopaki ba hore thuto ea ho iphetola ha lintho le eona ke ’nete?

Pele re araba potso eo, re lokela ho hlakisa taba e itseng. Bo-rasaense ba bangata ba hlokometse hore ha nako e ntse e feta, lintho tse itseng tse phelang li ka ’na tsa fetoha hanyenyane ha li ntse li ikatisa. Charles Darwin o bitsa sena “ho fetoha ha sebōpeho ha lintho li ntse li hlahlamana.” Ho ’nile ha hlokomeloa liphetoho tseo, tsa ngoloa fatše ha ho etsoa liteko, tsa ba tsa sebelisoa ka bohlale ke ba nyalanyang limela le liphoofolo. * Liphetoho tsena li ka nkoa e le tsa sebele. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bitsa liphetoho tseo tse nyenyane “ho iphetola ho honyenyane ha lintho.” Esita le eona tlhaloso ena e lumellana le maikutlo a bo-rasaense ba bangata a hore liphetoho tsena tse nyenyane li fana ka bopaki ba ketsahalo e ’ngoe hape, eo ho seng motho ea kileng a e bona, eo ba e bitsang ho iphetola ho hoholo ha lintho.

Taba ke hore Darwin o ile a fetela ka nģ’ane ho liphetoho tsena tse hlokomelehang. O ngotse tjena bukeng ea hae e tsebahalang ea The Origin of Species: “Ha ke nke hore lintho tsohle tse phelang li bōpiloe ka ho khetheha, empa ke nka hore li hlahile linthong tse seng kae tse phelang.” Darwin o itse ha nako e telele e ntse e feta, ‘lintho tsena tse seng kae’ tse qalang, kapa tse bitsoang lintho tse phelang tse sa rarahanang, butle-butle li ile tsa iphetola—ka “liphetoho tse nyenyane haholo”—ho fihlela li hlahisitse lintho tse limilione tse phelang lefatšeng. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ruta hore ho iphetola hona ho honyenyane ho ile ha ’na ha eketseha ho fihlela ho entse liphetoho tse khōlō tse neng li hlokahala hore litlhapi li fetohe liphoofolo tse phelang metsing le ka ntle ho metsi, le hore litšoene li fetohe batho. Liphetoho tsena tse khōlō tseo ho thoeng li etsahetse ke tsona tseo ho thoeng ke ho iphetola ho hoholo ha lintho. Ho ba bangata, tlhaloso ena ea bobeli ke eona e utloahalang. Baa ipotsa, ‘Haeba liphetoho tse nyenyane li ka etsahala mofuteng o le mong, ke hobane’ng ha ho iphetola ha lintho ho sa hlahise liphetoho tse khōlō ha nako e ntse e feta?’ *

Thuto ea ho iphetola ho hoholo ha lintho e itšetlehile likhopolong tse tharo:

1. Liphetoho tse bang teng li tsoala se hlokahalang ho hlahisa mefuta e mecha. *

2. Tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e hlahisa mefuta e mecha.

3. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e fana ka bopaki ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho limeleng le liphoofolong.

Na bopaki ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho bo matla hoo bo ka nkoang e le ’nete?

Na Liphetoho Tse Bang Teng li ka Hlahisa Mefuta e Mecha?

Boitsebiso bo bongata ba semela kapa ba phoofolo bo laoloa ke litaelo tse liphatseng tsa lefutso tse fumanoang khubung ea sele ka ’ngoe. * Bafuputsi ba sibolotse hore liphetoho tse bang teng—kapa tse bang teng ka seoelo—liphatseng tsa lefutso li ka hlahisa liphetoho tse itseng limeleng le liphoofolong tse latelang. Ka 1946, Hermann J. Muller, ea ileng a hapa Khau ea Nobel e bile e le mothehi oa thuto ea ho iphetola ha liphatsa tsa lefutso, o ile a re: “Hase feela hore liphetoho tsena tse etsahalang seoelo, tseo boholo ba tsona li leng nyenyane ke oona mokhoa o ka sehloohong o sebelisoang ho ntlafatsa liphoofolo le limela, ha e hantle, ke tsela ea tlhaho eo lintho li iphetotseng ka eona ho latela khetho ea tlhaho.”

Ka sebele, thuto ea ho iphetola ho hoholo ha lintho e thehiloe khopolong ea hore liphetoho tse bang teng li ka hlahisa mefuta e mecha tsa ba tsa hlahisa malapa a macha ka ho feletseng a limela le liphoofolo. Na ho na le mokhoa oo ka oona re ka hlahlobang hore see se buuoang ka sebete ke ’nete? Ak’u nahane ka se sibolotsoeng ke lipatlisiso tse entsoeng ka lilemo tse ka bang lekholo liphatseng tsa lefutso.

Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1930, bo-rasaense ba ile ba amohela ka mafolofolo khopolo ea hore haeba liphetoho tse etsahalang seoelo tseo tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e itseng ka eona li hlahisa mefuta e mecha, joale motho o lokela ho atleha le ho feta ho fetola liphatsa tsa lefutso, kapa ho laola tsela eo li fetohang ka eona. Wolf-Ekkehard Lönnig, rasaense oa Max Planck Institute for Plant Breeding Research, e Jeremane, eo Tsoha! e buisaneng le eena o ile a re: “Litsebi tsa baeloji, litsebi tsa liphatsa tsa lefutso le ba nyalanyang limela le liphoofolo ba ile ba nyakalla haholo.” Ba ne ba nyakalatsoa ke eng? Lönnig, ea qetileng lilemo tse ka bang 28 a ithuta ka ho fetoha ha liphatsa tsa lefutso limeleng o itse: “Bafuputsi bana ba ile ba nka hore nako e fihlile ea hore ba fetole mokhoa oo ho neng ho hlahisoa limela le ho tsoalisa liphoofolo ka oona. Ba ile ba nahana hore ka ho khetha le ntlafatsa liphatsa tsa lefutso, ba ka hlahisa limela le liphoofolo tse ncha, tse bileng li leng hantle ho feta tsa pele.”  *

Bo-rasaense ba United States, Asia le Europe ba ile ba qala mananeo a lipatlisiso a neng a tšehelitsoe hantle ka lichelete, ba sebelisa mekhoa eo ba neng ba tšepa hore e tla potlakisa ho iphetola ha limela le liphoofolo. Ka mor’a lilemo tse fetang tse 40 ba ntse ba etsa lipatlisiso tse matla, liphello e bile life? Mofuputsi Peter von Sengbusch, o re: “Ho sa tsotellehe lichelete tse ngata-ngata tse sebelisitsoeng, boiteko ba ho sebelisa mahlaseli ho hlahisa mefuta e sa tšoaneng e ntlafetseng, bo hlōlehile ka ho soabisang.” Lönnig o itse: “Lilemong tsa bo-1980, tšepo eo bo-rasaense ba neng ba e-na le eona le nyakallo ea bona li ile tsa fela lefatšeng ka bophara. Linaheng tsa Bophirimela, lefapha le ikemetseng la ho hlahisa mefuta e meng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso le ile la koaloa. Hoo e batlang e le limela le liphoofolo tsohle tse hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso ‘li ne li sa khahlise,’ ka mantsoe a mang, li ile tsa shoa kapa ea e-ba tse fokolang haholo ha li bapisoa le tsa tlhaho.” *

Leha ho le joalo, boitsebiso bo bokeletsoeng lilemong tse ka bang lekholo tseo ho entsoeng lipatlisiso ka liphetoho tse bang teng ka kakaretso liphatseng tsa lefutso, le tse 70 tseo ho entsoeng lipatlisiso ka ho nyalanya liphatsa tsa lefutso tse sa tšoaneng bo thusitse bo-rasaense ka ho khetheha hore ba fihlele qeto mabapi le hore na liphetoho tse bang teng li ka hlahisa mefuta e mecha na. Ka mor’a ho hlahloba bopaki bo teng, Lönnig o fihletse qeto ena: “Liphetoho tse bang teng li ke ke tsa fetola mofuta oa qalong [oa semela kapa oa phoofolo] hore e be o mocha ka ho feletseng. Qeto ena e lumellana le sohle se entsoeng le se fumanoeng ha ho etsoa lipatlisiso lekholong la bo20 la lilemo ka liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso limeleng le liphoofolong, ebile e lumellana le melao ea se ka ’nang sa etsahala. Ka hona, mokhoa o lulang o ipheta-pheta oa phetoho o bontša hore mefuta e fapaneng le e meng ka liphatsa tsa lefutso e na le meeli e ke keng ea tlosoa kapa ea tlōloa ka lebaka la liphetoho tse ka itlhahelang feela.”

Nahana ka bohlokoa ba linnete tse tšohliloeng ka holimo. Haeba bo-rasaense ba rutehileng ba hlōleha ho hlahisa mefuta e mecha ka ho khetha le ho ntlafatsa liphatsa tsa lefutso, na monyetla o teng oa hore mokhoa feela tjee o seng bohlale o phethe seo? Haeba lipatlisiso li bontša hore liphetoho tse etsoang li ke ke tsa fetola mofuta oa qalong ho o etsa o mocha ka ho feletseng, joale ebe ho ne ho ka etsahala joang hore ho be le ho iphetola ho hoholo ha lintho?

Na Tsela ea Tlhaho ea ho Khetha Lintho e Hlahisa Mefuta e Mecha?

Darwin o ne a lumela hore seo a se bitsang tsela ea tlhaho ea ho khetha lintho tse tla atleha tikolohong e itseng e ne e tla tsoela lintho tse loketseng ho phela tikolohong e itseng molemo, ha tse sa tšoaneleheng tsona li ne li tla qetella li shoele. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho kajeno ba ruta hore ha mefuta e itseng e ntse e ata ’me e ikarola ho e meng, tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong ka eona e ile ea khetha tseo liphatsa tsa tsona tsa lefutso li neng li tla fetoha ka tsela e tla lumellana le tikoloho e ncha. Ka hona, ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba lumela hore lihlopha tsena tse ikarotseng qetellong li ile tsa fetoha mefuta e mecha ka ho feletseng.

Joalokaha ho se ho bontšitsoe, bopaki boo lipatlisiso li fanang ka bona bo bontša hantle hore liphetoho tse bang teng li ke ke tsa hlahisa mefuta e mecha ka ho feletseng ea limela kapa ea liphoofolo. Leha ho le joalo, ke bopaki bofe boo ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba fanang ka bona ho tšehetsa thuto ea hore tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong ke eona e khethang tse lokileng bakeng sa ho fetoha e le hore ho hlahe mefuta e mecha? Bukana e hatisitsoeng ka 1999 ke National Academy of Sciences (NAS) e United States e re: “Mohlala o ikhethang oa ho hlaha ha mofuta o mocha [ho ba teng ha mefuta e mecha ka ho iphetola ha lintho] o akarelletsa mefuta e 13 ea lithaha eo Darwin a ithutileng eona Lihlekehlekeng Tsa Galápagos, tseo hona joale li tsejoang e le lithaha tsa Darwin.”

Ka bo-1970, sehlopha sa bafuputsi se neng se eteletsoe pele ke Peter le Rosemary Grant se ile sa qala ho ithuta lithaha tsena ’me sa sibolla hore ka mor’a selemo se seng sa komello, lithaha tse nang le melomo e meholoanyane li ile tsa pholoha habobebe ho feta tse melomo e menyenyane. Kaha boholo le sebōpeho sa melomo ke tsela e ’ngoe ea tse ka sehloohong tse khethollang mefuta e 13 ea lithaha, ho ile ha nkoa sena se sibolotsoeng e le sa bohlokoa. Bukana eo e tsoela pele: “Ba ha Grant ba ile ba hakanya hore haeba lilemong tse ling le tse ling tse 10, selemo se le seng e ne e ka ba sa komello lihlekehlekeng tsena, ho ne ho tla hlaha mofuta o mocha oa thaha ka mor’a lilemo tse 200.”

Leha ho le joalo, bukana eo ea NAS ha e bue ka lintlha tsa bohlokoa tse behang taba ena ka mosing. Lilemong tse latelang tsa komello, lithaha tse melomo e menyenyane li ile tsa boela tsa e-ba ngata ho feta tse ling. Ka hona, Peter Grant le Lisle Gibbs, ea neng a sa tsoa qeta lithuto tsa hae, ba ile ba ngola makasineng ea saense e bitsoang Nature ka 1987 hore ba bone “phetoho tseleng eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha ho phela tikolohong ka eona.” Ka 1991, Grant o ile a ngola hore neng le neng ha boemo ba leholimo bo fetoha, “palo ea linonyana ea phahama le ho fokotseha ho latela tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha ka eona tikolohong.” Bafuputsi ba ile ba boela ba hlokomela hore lithaha tsa “mefuta” e meng li ile tsa nyalana ’me tsa hlahisa malinyane a ileng a atleha ho li feta. Peter le Rosemary Grant ba ile ba etsa qeto ea hore haeba lithaha tsa mefuta e sa tšoaneng li ka lula li nyalana, ho ka nka lilemo tse 200 hore “mefuta” e ’meli e qetelle e hlahisitse o mong.

Khale ka 1966, setsebi sa baeloji se buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, George Christopher Williams, se ile sa ngola: “Ke bomalimabe hore ebe tlhaloso ea tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e itseng ka eona e sebeliselitsoe ho hlalosa liphetoho tse bang teng ka ho iphetola ha lintho. Ke ea bohlokoa haholo ho hlaloseng liphetoho tse etsahalang linthong tse phelang hore li lule li ikamahanya le maemo.” Jeffrey Schwartz, ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, ka 1999 o ile a ngola hore haeba qeto ea Williams e nepahetse, tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong ka eona e ka thusa mefuta e itseng ho ikamahanya le sebaka le maemo a sona, empa “e seng ho hlahisa mofuta o mocha.”

Ka sebele, lithaha tsa Darwin hase “mofuta o mocha.” E ntse e le lithaha. ’Me taba ea hore mefuta ena ea nyalana e hlahisa pelaelo mokhoeng oo ba bang ba buellang ho iphetola ha lintho ba hlalosang mofuta ka mong ka eona. Ho phaella moo, li senola ’nete ea hore esita le mekhatlo e nkeloang holimo ea bo-rasaense e ntse e ka fana ka tlaleho e leeme.

Na Tlaleho ea Mesaletsa ea Lintho Tsa Khale e Paka Hore ho Bile le ho Iphetola ho Hoholo ha Lintho?

Bukana eo ho buileng ka eona pejana ea NAS e siea ’mali le maikutlo a hore mesaletsa ea lintho tsa khale e fumanoeng ke bo-rasaense e fana ka bopaki bo matla ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho. E re: “Ho ’nile ha fumanoa mefuta e mengata e lipakeng tsa litlhapi le liphoofolo tse phelang metsing le ka ntle ho metsi, e lipakeng tsa tse phelang metsing le ka ntle ho metsi le lihahabi, e lipakeng tsa lihahabi le tse anyesang, hammoho le ho mefuta e meng ea tse anyesang tseo hangata ho leng thata ho li lihela sehlopheng se itseng ha li fetoha ho tloha mofuteng o mong li fetela ho o mong.”

Polelo ena e builoeng ka sebete ea makatsa. Hobane’ng? Ka 2004, National Geographic e ile ea hlalosa tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e tšoana le ha “e se na litšoantšo tse 999 ho tse 1 000 tse nkiloeng ho bontša taba ea ho iphetola ha lintho.” Na seo se le seng se setseng ho tse sekete se hlile se fana ka bopaki ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho? Ha e le hantle tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e bontša eng? Niles Eldredge, ea buellang ka matla khopolo ea ho iphetola ha lintho, oa lumela hore tlaleho e bontša hore ka nako e telele, “ho ba le ho iphetola ho fokolang kapa ho hang ha ho be teng mefuteng e mengata.”

Ho fihlela hona joale, lefatšeng ka bophara bo-rasaense ba epolotse le ho ngola ka mesaletsa ea khale ea lintho tse khōlō tse limilione tse 200 le mesaletsa ea lintho tse nyenyane tse limilione tse likete. Bafuputsi ba bangata ba lumela hore tlaleho ena e pharaletseng le e nang le boitsebiso bo qaqileng e bontša hore lihlopha tse ka sehloohong tsa liphoofolo li ile tsa e-ba teng hang ’me tsa lula li sa fetohe, ’me tse ngata tsa tsona li ile tsa nyamela ka tšohanyetso joalokaha li hlahile. Ka mor’a ho hlahloba bopaki ba tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale, setsebi sa baeloji, Jonathan Wells o ngotse: “Ho hlakile hore hase ’nete e ka pakoang hore mefuta-kakaretso, lihlopha le masika a lintho tse phelang li ile tsa ’na tsa fetoha ho tsoa ho moholo-holo a le mong. Ho latela bopaki bo fanoeng ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale le bopaki ba limolek’hule, ha ho letho le tšehetsang khopolo ena.”

Ho Iphetola ha Lintho—’Nete Kapa Khopolo-taba?

Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hlahelletseng ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba tsitlella taba ea hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho? Ka mor’a ho nyatsa tsela eo Richard Dawkins a behang mabaka ka eona, ’muelli ea nang le tšusumetso e matla oa khopolo ea ho iphetola ha lintho, Richard Lewontin, o ile a ngola hore bo-rasaense ba bangata ba ikemiselitse ho amohela lithuto tsa saense tse sa utloahaleng “hobane re se re itlamme ka ho lumela hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela.” * Bo-rasaense ba bangata ba hana le ho nahana feela ka monyetla oa hore e ka ’na eaba Moqapi ea bohlale o teng, hobane joalokaha Lewontin a ngotse, “re ke ke ra lumela khopolo ea hore e ka ’na eaba Molimo o teng.”

Tabeng ena, setsebi litabeng tsa kahisano, Rodney Stark, ea qotsitsoeng ho Scientific American o re: “Ka lilemo tse 200, ho ’nile ha khothalletsoa hore haeba motho a batla ho ba rasaense, o lokela ho tlosa kelello ea hae litabeng tsa bolumeli.” O ile a boela a re liunivesithing tse etsang lipatlisiso, “balumeli ba koala melomo” ha “ba sa lumeleng bona ba khetholla ba lumelang.” Ho ea ka Stark, “sehlopheng sa batho ba phahameng [ho tsa saense], motho ea sa lumeleng o rua molemo.”

Haeba u lumela hore thuto ea hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho ke ’nete, joale u lokela ho lumela hore bo-rasaense ba belaellang boteng ba Molimo, kapa ba reng Molimo ha a eo, ba ke ke ba lumella seo ba se lumelang hore se susumetse tsela eo ka eona ba hlalosang seo saese e se sibolotseng. U lokela ho lumela hore liphetoho tse bileng teng linthong tse phelang le tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e itseng ka eona, ke tsona tse hlahisitseng mefuta-futa e rarahaneng ea lintho tse phelang, le hoja liphuputso tse entsoeng ka lilemo tse lekholo le ho ithuta ka liphoofolo le limela tse limilione tse likete ho bontša hore liphetoho tse bileng teng ha lia fetola mofuta leha o le mong ho hlahisa o mocha ka ho feletseng. U lokela ho lumela hore lintho tsohle tse phelang butle-butle li ile tsa iphetola ho tloha ho moholo-holo a le mong, ho sa tsotellehe bopaki bo fanoang ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale ba hore mefuta e ka sehloohong ea limela le liphoofolo e hlahile hang ’me ha ea ka ea iphetolela mefuteng e meng, esita le ka mor’a lilemo tse ngata-ngata. Na tumelo e joalo e utloahala e thehiloe ’neteng kapa e utloahala e le khopolo-taba?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Batho ba nyalanyang lintja ba ka khetha mefuta e itseng bakeng sa lintja tsa bona e le hore qetellong ho ka ba le lintja tse maoto a makhutšoaane kapa tse nang le boea bo bolelele ho feta tse li tsoetseng. Leha ho le joalo, liphetoho tseo batho bana ba ka li hlahisang ka ho nyalanya lintja hangata li bakoa ke ho se sebetse hantle ha liphatsa tse ling tsa lefutso. Ka mohlala, hore ebe ntja ea dachshund e chelletse ho bakiloe ke ho se hōle hantle ha lefufuru, ho etsang hore e be khutšoanyane haholo.

^ ser. 4 Le hoja sehloohong sena ho sebelisitsoe lentsoe “mefuta” khafetsa, re lokela ho hlokomela hore bukeng ea Genese e ka Bibeleng, ha le sebelisoe ho latela tsela eo le sebelisoang ka eona litlhalosong tsa saense. Hangata, seo bo-rasaense ba khethang ho se bitsa ho iphetola ha lintho ho ba mefuta e mecha ke feela ho fapana ho itseng hona ‘mefuteng’ eo tlaleho ea Genese e buang ka eona.

^ ser. 6 Bona lebokose le reng “Kamoo Lintho Tse Phelang li Aroloang ka Mefuta ea Tsona.”

^ ser. 11 Liphuputso li bontša hore lero la sele, lera la eona le likarolo tse ling li phetha karolo ea bohlokoa ho faneng ka sebōpeho sa ntho e phelang.

^ ser. 13 Se boletsoeng ke Lönnig sehloohong sena ke maikutlo a hae, hase maikutlo a Max Planck Institute for Plant Breeding Research.

^ ser. 14 Liteko tsa ho fetola liphatsa tsa lefutso li bontšitse ka makhetlo hore mefuta e mecha e hlahisoang e lula e fokola, ha mefuta e tšoanang eona e lula e hlaha. Sena se entse hore Lönnig a qape seo a reng ke “mokhoa o lulang o ipheta-pheta oa phetoho.” Ho phaella moo, ho ile ha khethoa tse ka tlaase ho phesente e le ’ngoe ho tsona, ’me ha fumanoa hore ho tseo, tse ka isoang ’marakeng ke tse fokolang haholo. Ho hlahisa mofuta o mocha ka ho fetola liphatsa tsa lefutso ho bile le liphello tse mpe liphoofolong ho feta limeleng, ’me mokhoa oo o ile oa khaotsoa.

^ ser. 29 Tumelo ea hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela, ke thuto e rutang hore lintho tsohle tse teng bokahohleng, ho akarelletsa le tsohle tse phelang, li bile teng ntle le ho kenella ha matla a itseng a phahametseng tlhaho.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

“Liphetoho tse bang teng li ke ke tsa fetola mofuta oa qalong [oa semela kapa oa phoofolo] hore e be o mocha ka ho feletseng”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]

Qeto eo re ka e fihlelang ho latela lithaha tsa Darwin ke ea hore mefuta e itseng e ka ikamahanya le maemo a leholimo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

Ho ea ka tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale, lihlopha tsohle tse ka sehloohong tsa liphoofolo li ile tsa hlaha hang ’me tsa lula li sa fetoha

[Chate e leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KAMOO LINTHO TSE PHELANG LI AROLOANG KA MEFUTA EA TSONA

Lintho tse phelang li aroloa ka lihlopha tse ntseng li hōla ho ea pele, ho tloha mofuteng o tobileng ho ea ho mofuta-kakaretso. * Ka mohlala, bapisa mokhoa oo batho le lintsintsi tsa litholoana ba aroloang ka oona lethathamong le ka tlaase.

BATHO LINTSINTSI TSA LITHOLOANA

Mefuta sapiens melanogaster

Mefuta Eabo Eona Homo Drosophila

Lelapa Drosophilids

Leloko Primates Diptera

Lesika Lianyisi Likokoanyana

Sehlopha Chordates Arthropods

Mofuta-kakaretso Liphoofolo Liphoofolo

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 49 Tlhokomeliso: Genese khaolo ea 1 e bolela hore limela le liphoofolo li ne li tla ikatisa “ka mefuta ea tsona.” (Genese 1:12, 21, 24, 25) Leha ho le joalo, lentsoe “mofuta,” leo Bibele e le sebelisitseng hase lentsoe la saense ’me ha lea lokela ho ferekanngoa le tlhaloso ea saense ea “mefuta.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Chate e thehiloeng bukeng ea Icons of Evolution—Science or Myth? Why Much of What We Teach About Evolution Is Wrong, e ngotsoeng ke Jonathan Wells.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ntsintsi ea litholoana e hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso (e ka holimo), le hoja e e-na le bokooa bo itseng, e ntse e le ntsintsi ea litholoana

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Dr. Jeremy Burgess/Photo Researchers, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Liteko tsa ho fetola liphatsa tsa lefutso limeleng li bontšitse ka makhetlo hore limela tse hlahang bocha lia fokola, le hona ho lula ho hlaha mefuta e tšoanang (Palesa e fetotsoeng e na le thunthung e khōlō)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

From a Photograph by Mrs. J. M. Cameron/ U.S. National Archives photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Finch heads: © Dr. Jeremy Burgess/ Photo Researchers, Inc.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]

Dinosaur: © Pat Canova/Index Stock Imagery; fossils: GOH CHAI HIN/AFP/Getty Images