Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Ngoana oa Lōna a Lla Molebe

Ha Ngoana oa Lōna a Lla Molebe

Ha Ngoana oa Lōna a Lla Molebe

KA MONGOLI OA TSOHA! CANADA

NGAKA e ile ea tiisa seo ’mè a seng a ntse a se belaella. Lesea la hae le ne le e-na le bohloko ba mala bo le hlaselang habohloko. Koranta ea Canada ea Globe and Mail e re: Matšoao a boloetse bona a ama “ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba bane.” Matšoao a boemo bona a akarelletsa ho lla lihora tse ’maloa bonyane matsatsi a mararo ka beke. Motsoali ea tšoenyehileng a ka etsa’ng? Lingaka tsa bana li re mabakeng a mangata batsoali—le ngoana—ba ka lokela feela ho leta ho fihlela bohloko boo bo kokobela. Empa halelele hakae?

Phuputso e ncha ea Canada ea bo-’mè ba bana ba nang le bohloko ba mala e senola hore karolo e fetang 85 lekholong ea bana bana ba tšoeroeng ke bohloko ba mala e ile ea fokotseha nakong eo masea a bang likhoeli tse tharo. Phuputso, e qaliloeng ke Dr. Tammy Clifford, eo e leng motsamaisi oa bongaka bo sebetsanang le boemo ba mafu sechabeng Sepetleleng sa Bana sa Eastern Ontario Research Institute, le eona e senola hore ho ba le lesea le nang le bohloko ba mala ha ho be le liphello tsa nako e telele kelellong ea ’mè. Dr. Clifford o re: “Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ba belehile, ba tšoana hantle le Bo-’mè ba sa kang ba e-ba le masea a nang le bohloko ba mala. Ho batla ho tšoana le ha ekare baa lebala ka mor’a hore sello seo se khaotse.”

Globe e bolela hore phuputso ena e ncha e phatlalalitsoeng ke Dr. Clifford le metsoalle ea hae, “e eketsa boitsebiso ba bohlokoa ho se tsejoang ke saense ka bohloko ba mala hobane e bontša hore ho na le mefuta e ikhethang e meraro ea masea a bang le bohloko ba mala: masea ao boemo ba ’ona bo hlahang le ho khaotsa ka mor’a nako ea likhoeli tse tharo; masea ao a nang le bohloko ba mala bo phehellang likhoeli tse ’maloa bo sa khaotse; le sehlotšoana se bang le bohloko ba mala hamorao, likhoeli tse seng kae ka mor’a hore a tsoaloe.” Ho ntse ho etsoa phuputso e ’ngoe ho latella tsoelo-pele ea bana ba nang le bohloko ba mala ha ba ntse ba hōla, ’me ke sehlopha sa ho qetela se thahasellisang ka ho khetheha.

Ho lumeloa hore sello se sa khaotseng ke sesosa mabakeng ao ho ’ona lesea le nang le matšoao a hore le ile la tsukutloa. Joalokaha ho tlalehiloe ho Globe, “sello ka bosona se ke ke sa ntša ngoana kotsi, empa ho tsukutla lesea hampe, esita le ka nako e khutšoanyane feela, ho ka baka tšenyo ea ka ho sa feleng tsamaisong ea methapo ea boko, esita le lefu.”

Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha e-ba molemo ha lesea le lla, esita le haeba le sa khaotse ho lla. Globe e re: “Phuputso e bontšitse hore masea a llang haholo ha e le hantle a fumana tlhokomelo e eketsehileng ho bahlokomeli ba ’ona, ka ho tšoaroa haholoanyane, ho bososelloa haholoanyane, ho bua le ’ona haholoanyane le ho sikoa haholoanyane.”