Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Liofisi Tsa Phetolelo li Thusa Batho ba Bangata

Liofisi Tsa Phetolelo li Thusa Batho ba Bangata

LA 1 MARCH 2021

 Bongata ba baithaopi ba fetolelang, ba sebetsa ba le liofising tsa phetolelo (RTO) eseng ba le liofising tsa makala. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa joalo? Ke lintho life tseo bafetoleli ba li hlokang e le hore ba ka nolofalloa ho etsa mosebetsi oa bona? Libaka tseo liofisi tsa phetolelo li leng ho tsona li thusa joang hore phetolelo ebe e utloahalang haholoanyane?

 Bafetoleli ba liofising tsa phetolelo ba lula moo ho buuoang puo eo ba e fetolelang. Karin, eleng mofetoleli oa puo ea Low German o re: “Esale ofisi ea phetolelo e tlisoa mona Cuauhtémoc, Chihuahua, Mexico, re bua puo ea Low German nako ena kaofela. Re e bua ha re e-na le bafetoleli-’moho, re le tšimong kapa re le mabenkeleng. Re lula har’a batho ba bangata ba buang puo ena. Re utloa lipolelo tseo re qetetseng khale ho li utloa ebile re se re tseba hore na batho ba bua joang.”

 James ea sebetsang ofising ea phetolelo ea Frafra, Ghana o re ka linako tse ling o hopola batho ba bethele. Empa o re: “Ke rata ho sebeletsa mona RTO. Ke thabela ho bona batho ba mona ba ithuta Bibele ka puo eo ba e antseng letsoeleng ebile ke thabisoa le ke ho bona kamoo ba ikutloang kateng ka molaetsa ona.”

 Bara ba bo rona ba sheba eng ha ba etsa qeto ea hore na RTO e tla ba hokae? Joseph, ea sebetsang Lefapheng la Meralo le Kaho la Lefatše Lohle le Warwick, New York o re: “Bothata bo bong ke hore libaka tse ling ha li na metsi, motlakase kapa inthanete e le hore bafetoleli ba khone ho sebetsa. Kahoo ha re etsa qeto ea hore na RTO e tla ba hokae, re sheba libaka tse ngata moo puo eo e buuoang teng.”

 Hangata mokhoa o potlakileng le o bolokang chelete ke oa ho etsa liofisi tsa phetolelo Holong ea Kopano, Holong ea ’Muso kapa moo baromuoa ba lulang. Empa haeba libaka tseo li le sieo, bara ba bo rona ba ka kopa tumello ea ho reka moaho oo bafetoleli ba ka lulang ho oona le ho sebeletsa teng. Haeba ho ka ba le liphetoho tse ling, ho ba bonolo ho rekisa meaho eo ebe chelete eo e sebelisetsoa lintho tse ling.

Ba Fuoa Lintho Tsa ho Sebetsa

 Selemong sa tšebeletso sa 2020, re sebelisitse chelete e ka holimo ho limilione tse 119 tsa Maluti bakeng sa liofisi tsa phetolelo. Bafetoleli ba sebeletsang liofising tsa phetolelo, ba hloka lik’homphieutha, li-software, thepa e rekotang, Inthanete le lintho tse ling. Mohlala, k’homphieutha e le ’ngoe feela le lintho tse hlokahalang e le hore e sebetse li ka rekoa ka chelete e kaalo ka M11 470. Lik’homphieutha li hloka hore li be le li-software le Lenaneo la Phetolelo la Watchtower, eleng lona le thusang bafetoleli ho sebetsa, ho batlisisa le ho hlophisa mesebetsi ea bona.

 Bafetoleli ba boetse ba fuoe thepa eo ba tla e sebelisa ha ba rekota ka liofising. Thepa ena e ile ea re tsoela molemo haholo ha seoa sena sa corona se qala hobane bafetoleli ba bangata ba ile ba ea ka thepa eo moo ba lulang ele hore ba ka tsoela pele ho rekota lingoliloeng le livideo.

 Hangata ho ba le baithaopi ba thusang bakeng sa ho hlahloba lingoliloeng tse fetoletsoeng le ho hlokomela meaho ea liofisi tsa phetolelo. Cirstin, ea sebetsang ofising ea phetolelo ea Seafrikanse o re: “Bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba bangata ba na le monyetla oa ho sebelisa litsebo tsa bona mona.”

 Baithaopi bao, ba thabela ho sebeletsa moo. Morali e mong oa bo rona o ile a re “hoa khatholla ho sebeletsa moo.” Bara le barali ba bo rona ba bang ba tla RTO e le hore ba tl’o rekota. Juana eo e leng mofetoleli ea lulang Veracruz, Mexico o re: “Kaha joale re pel’a moo ho buuoang puo eo re e fetolelang, ho ba bonolo hore bara le barali ba bo rona ba re thuse ka ho rekota lingoliloeng le livideo.”

 Empa na liofisi tsa phetolelo li thusitse hore ho etsoe mosebetsi o tsoileng matsoho oa phetolelo? Batho ba bangata ba balang lingoliloeng tsa rona ba lumellana le taba eo. Cédric ea sebeletsang ofising ea phetolelo e Democratic Republic of Congo, o re: “Bara le barali ba bo rona ba bangata ba ne ba re re fetolela ‘Sekongo sa Lipaki’ kaha ha se tsela eo batho ba buang Sekongo ba tloaetseng ho bua ka eona. Empa hona tjena ba re lingoliloeng tsa rona li se li fetoleloa ka Sekongo se bonolo, seo batho ba se buang letsatsi le leng le le leng.”

 Andile, ea sebetsang ofising ea phetolelo ea Sexhosa o ile a utloa ntho e tšoang ho batho ba Afrika Boroa. O re: “Batho ba bangata ba hlokometse hore phetolelo ea rona e fetohile haholo. Esita le bana ba neng ba bala Molula-Qhooa ka Senyesemane, hona joale ba se ba o bala ka Sexhosa. Ba rata tsela e hlakileng eo Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafalitsoeng e utloahalang kateng.”

 Litšenyehelo tsohle tse bang teng ha ho etsoa RTO, ha e hlokomeloa le ha ho hlokomeloa baithaopi, li lefelloa ka menehelo ea boithatelo ea mosebetsi oa lefatše lohle, ho akarelletsa le e etsoang ho donate.jw.org.