Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 1

Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?

Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?

Kaofela ha rona re batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha re utloa bohloko, re hlokahala le hore na bokamoso bo tla ba joang. Re boetse re tšoenyehile ka hore na re tla fumana mosebetsi le hore na re ka etsa’ng e le hore malapa a rona a lule a thabile. Batho ba bangata ba hlokometse hore Bibele e ka ba thusa ho araba lipotso tsa bohlokoa tseo ba nang le tsona ’me ea ba fa likeletso tse hantle tseo ba ka li sebelisang bophelong. Na oa lumela hore Bibele e ka thusa motho e mong le e mong?

1. Ke lipotso life tse ling tseo Bibele e li arabang?

Bibele e araba lipotso tsena tsa bohlokoa: Bophelo bo bile teng joang? Ke hobane’ng ha re phela? Ke hobane’ng ha batho ba se nang molato ba utloa bohloko? Ho etsahala’ng ha motho a hlokahala? Haeba motho e mong le e mong o batla hore ho be le khotso, ke hobane’ng ha ho na le lintoa tse ngata hakaale? Na lefatše lee le tla fela? Bibele e re khothalletsa ho batla likarabo tsa lipotso tsena ’me batho ba limilione ba khotsofalletse likarabo tseo ba li fumaneng Bibeleng.

2. Bibele e ka re thusa joang hore re lule re thabile?

Bibele e fana ka keletso ea bohlokoa. Ka mohlala, e ruta malapa hore na ke joang a ka thabang e le kannete. Ea re bolella hore na ke’ng seo re ka se etsang ha re e-na le mathata le hore na ke joang re ka thabelang mosebetsi oa rona. U tla ithuta lintho tseo Bibele e li rutang mabapi le lihlooho tsena u be u ithute lintho tse ling tse eketsehileng ha re ntse re ithuta bukana ena hammoho. Qetellong u ka ’na oa lumela hore “Lengolo lohle [ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng] le . . . molemo.”​2 Timothea 3:16.

Bukana ena ha e nkele Bibele sebaka. Ho e-na le hoo, e u khothalletsa hore u ipalle Bibele ka bouena. Kahoo, re u khothalletsa hore u bale Mangolo a hlahang likhaolong tsa bukana ena ’me u a bapise le seo u ithutang sona.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na Bibele e thusitse batho ba bang joang, u ka etsa’ng hore u thabele ho e bala le hore na ke hobane’ng ha ho le hantle ho thusoa ho e utloisisa.

3. Bibele e ka re thusa

Bibele e tšoana le khanya e matla. E ka re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng hape e ka re bolella hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.

Bala Pesaleme ea 119:​105 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Mongoli oa Pesaleme ena o ne a ikutloa joang ka Bibele?

  • Uena u ikutloa joang ka Bibele?

4. Bibele e ka araba lipotso tsa rona

’Mè e mong o ile a hlokomela hore Bibele e khona ho araba lipotso tsa bohlokoa tseo a kileng a ipotsa tsona ka lilemo tse ngata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • ’Mè ea videong ee o ne a ipotsa lipotso life?

  • Ho ithuta Bibele ho ile ha mo thusa joang?

Bibele e re khothalletsa ho botsa lipotso. Bala Matheu 7:​7 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke lipotso life tseo u nang le tsona tseo Bibele e ka khonang ho li arabela?

5. U ka thabela ho bala Bibele

Batho ba bangata ba thabela ho bala Bibele ebile ba fumana molemo o moholo ho tsoa ho eona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Videong ee, bacha ba ne ba ikutloa joang ka ho bala?

  • Le hoja ba ne ba sa rate ho bala, ke hobane’ng ha ba se ba rata ho bala Bibele?

Bibele e ka re khalemela, ea re tšelisa le ho re fa tšepo. Bala Baroma 15:​4 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na u batla ho tseba haholoanyane ka tšepo le matšeliso ao ho buuoang ka ’ona temaneng ee?

6. Batho ba bang ba ka re thusa ho utloisisa Bibele

Ntle le ho ipalla Bibele, batho ba bangata ba hlokometse hore ho buisana le batho ba bang ka Bibele ho ba thusitse haholo. Bala Liketso 8:​26-​31 ebe le buisana ka potso e latelang:

Monna oa Moethiopia o ne a hloka thuso e le hore a utloisise Mangolo. Batho ba bangata kajeno ba fumane ho le molemo hore ba buisane ka Bibele le batho ba bang.

BATHO BA BANG BA RE: “Ho ithuta Bibele ke tšenyo ea nako.”

  • Uena u ka re’ng? Hona hobane’ng?

KAKARETSO

Bibele e fana ka keletso e ka re thusang bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi, e arabela lipotso tsa bohlokoa ’me ea re tšelisa ebile e re fa tšepo.

Re Ithutile’ng?

  • Ke keletso efe eo re ka e fumanang ka Bibeleng?

  • Tse ling tsa lipotso tseo Bibele e li arabang ke life?

  • Ke’ng seo u ka ratang ho ithuta sona ka Bibeleng?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bibele e na le keletso eo re ka e sebelisang.

“Ha ho Mohla Bibele e Felloang ke Nako” (Molula-Qhooa, No. 1 2018)

Bona kamoo Bibele e ileng ea thusa ntate eo esale a e-na le bothata ba ho laola maikutlo a hae ho tloha bongoaneng.

Kamoo Bophelo ba ka bo Ileng ba Fetoha Kateng (2:​53)

Hlahloba keletso e sebetsang eo Bibele e fanang ka eona mabapi le malapa.

“Lintho Tse 12 Tse ka Thusang Malapa ho Thaba” (Tsoha! No. 2 2018)

Ithute kamoo Bibele e lokisang mohopolo o fosahetseng kateng oo batho ba nang le oona mabapi le hore na ’musi oa lefatše lena ke mang.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?​—Video e Felletseng (3:​14)