Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete

Buka ea Ezekiele e na le boprofeta bo bongata bo buang ka hore na borapeli ba ’nete bo tsosolositsoe joang. Boprofeta boo bo re ama joang?

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

E se eka buka ena e ka u thusa hore u rapele Jehova ka tsela e mo tšoanetseng.

Tlhaloso ea Lintho Tse Ikhethang

Mabokose le lilemo tse hlahang bukeng ena li na le lintlha tse tla u thusa ha u ntse u ithuta.

KHAOLO EA 1

“Ke Jehova Molimo oa Hao eo u Lokelang ho mo Rapela”

Taba ea hore ebe Satane o qalile borabele Edene e ne e bontša hore o khahlanong le puso ea Jehova le hore o hlasela borapeli ba ’nete.

KHAOLO EA 2

“Molimo o Ile a Amohela” Limpho Tsa Bona

Banna ba nang le tumelo baa bontša hore borapeli boo Molimo a bo amohelang bo lokela ho ba le lintlha tse ’nè tsa bohlokoa.

KHAOLO EA 3

“Ke Bona Lipono Tse Tsoang ho Molimo”

Pono ea pele ea Ezekiele e mo siea a ahlame. Pono eo e bohlokoa haholo ho bahlanka ba Molimo mehleng ena.

KHAOLO EA 4

‘Mangeloi a Nang le Lifahleho Tse ’nè’ ke Bo-mang?

Jehova o ile a bontša Ezekiele lipono le litoro tse re thusang ho utloisisa lintho tseo re neng re ke ke ra khona ho li utloisisa.

KHAOLO EA 5

‘Bona Lintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba li Etsang’

Ezekiele o bona lintho tse nyarosang tse bontšang kamoo sechaba se neng se se se lahlile Molimo kateng.

KHAOLO EA 6

“Ke Nako ea Hore le Felisoe”

Litšoantšiso tsa boprofeta tsa Ezekiele li ne li bontša kamoo Jehova a halefetseng Jerusalema kateng.

KHAOLO EA 7

Lichaba li “Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”

Lichaba tse sentseng lebitso la Molimo le ho hlorisa kapa ho bolisa batho ba Molimo li tla khola litholoana tsa mesebetsi ea tsona joang kapa joang. Re ka ithuta’ng tseleng eo lichaba tse ling li ileng tsa tšoara Baiseraele ka eona?

KHAOLO EA 8

“Ke Tla li fa Molisa a le Mong”

Molimo o susumelletsa Ezekiele hore a tlalehe lintho tse ’nè tse profetiloeng ka Mesia, e leng ’Musi le Molisa oa batho ba Jehova ea tla tsosolosa borapeli ba ’nete ka ho sa feleng.

KHAOLO EA 9

“Ke Tla ba Momahanya”

Na boprofeta bo neng bo ea ho Baiseraele ba tšepahalang ba botlamuoeng boa re ama mehleng ee?

KHAOLO EA 10

“Le Tla Boela le Phele”

Ezekiele o bona pono ea thota e tletseng masapo a omeletseng ebe masapo ao aa phelisoa. Pono ee e bolela’ng?

KHAOLO EA 11

“Ke u Khethile Hore u be Molebeli”

Mosebetsi oa molebeli enoa ke ofe? O lokela ho lemosa batho ka eng?

KHAOLO EA 12

“Ke Tla ba Etsa Sechaba se le Seng”

Jehova o tšepisa hore o tla momahanya batho ba hae.

KHAOLO EA 13

‘Hlalosa Tempele’

Pono ea tempele eo Ezekiele a e boneng e bolela’ng?

KHAOLO EA 14

“Ona ke Molao oa Tempele”

Ke lithuto life tseo Bajuda ba mehleng ea Ezekiele ba ileng ba ithuta tsona tempeleng ea Ezekiele e hlahang ponong? Ke’ng seo re ithutang sona ho eona?

KHAOLO EA 15

“Ke Tla Felisa Botekatse ba Hao”

Re ithuta’ng tseleng eo matekatse a hlahang ho Ezekiele le ho Tšenolo a hlalosoang ka eona?

KHAOLO EA 16

“U Tšoaee Liphatla”

Mehleng ena re ka ithuta lintho tse ngata tseleng eo batho ba neng ba tšoauoa ka eona mehleng ea Ezekiele.

KHAOLO EA 17

“Ke Tla u Loantša Uena Gogo”

Gogo oa Magogo ke mang ’me o tla hlasela naha efe?

KHAOLO EA 18

“Ke Tla Halefa Haholo”

Gogo o tla halefisa Jehova ka hore a hlasele batho ba hae ’me seo se tla etsa hore Molimo a ba sireletse.

KHAOLO EA 19

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Lintho Tsohle li Tla Phela’

Ke hobane’ng ha re ka re boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka e phallang ho tsoa tempeleng bo ile ba phethahala, boa phethahala ebile bo tl’o phethahala nakong e tlang?

KHAOLO EA 20

“Arola Naha e le Lefa”

Ponong Molimo o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng hore ho aroleloe maloko a Iseraele Naha e Tšepisitsoeng.

KHAOLO EA 21

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

Re ithuta’ng ponong eo Ezekiele a e boneng e buang ka motse le hore lebitso la oona le bolela’ng?

KHAOLO EA 22

“Rapela Molimo”

Morero oa buka ena ke ho re thusa hore re ikemisetse ho rapela Jehova Molimo feela.

Kakaretso ea Lithuto Tse Ntlafalitsoeng

Ke hobane’ng ha tsela eo re utloisisang boprofeta bo bong bo hlahang bukeng ea Ezekiele e fetohile?

LEBOKOSE LA 1A

Borapeli ke Eng?

Borapeli bo ka hlalosoa joang? Buka ea Ezekiele e hlalosa borapeli joang? Ho hlokahala eng bakeng sa borapeli ba ’nete?

LEBOKOSE LA 1B

Kakaretso ea Ezekiele

Buka ena e arotsoe ho ea ka litaba tsa eona tse latellanang.

LEBOKOSE LA 2A

Utloisisa Boprofeta ba Ezekiele

Buka ena e na le lipono, mehlala, lipapiso le litšoantšiso. Boholo ba tsona e ne e le melaetsa e tsoang ho Molimo bakeng sa lintho tse neng li tla etsahala.

LEBOKOSE LA 2B

Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng

Ho ne ho ntse ho e-na le baprofeta ba bang mehleng ea Ezekiele. O phetse nakong eo sechaba sa habo se neng se etsahalloa ke lintho tsa bohlokoa.

LEBOKOSE LA 3A

Tsela e Telele e Eang Babilona

Ho ka etsahala hore ebe Baiseraele ba isitsoeng botlamuoeng Babilona ba tsamaile ka tsela efe?

LEBOKOSE LA 4A

Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

Ho na le phapang efe lipakeng tsa mangeloi a mane ao Ezekiele a a boneng ponong le liemahale tse neng li fumaneha Asiria le Babilona ea mehleng ea khale?

LEBOKOSE LA 5A

“Mor’a Motho, Na u Bona See?”

Ezekiele o bona lintho tse nyonyehang tse etsoang ka tempeleng le ka lebaleng la tempele.

LEBOKOSE LA 6A

“U Beole Hlooho ’me u Kute Litelu Tsa Hao”

Ezekiele o laeloa ke Molimo hore a tšoantšise boprofeta bo bontšang lintho tse neng li tla etsahalla Jerusalema.

LEBOKOSE LA 7A

Lichaba Tse Potolohileng Jerusalema

Lintoa tse ngata li ile tsa kupa naheng ea Juda le linaheng tse e potolohileng.

LEBOKOSE LA 7B

Lipoleloana Tse Sebelisitsoeng Haholo Bukeng ea Ezekiele

Ho na le lipoleloana tse hlahang ka makhetlo a mangata bukeng ena ea boprofeta ba Ezekiele.

LEBOKOSE LA 8A

Boprofeta bo Buang ka Mesia—Sefate se Seholo sa Kedare

Boprofeta bo lengolong la Ezekiele khaolo 17 bo bolela’ng?

LEBOKOSE LA 8B

Lintho Tse Tharo Tse Profetiloeng ka Mesia

Ezekiele o profeta hore re ka tšepa ’musi oa batho ba Molimo ea tla busa kamoso.

LEBOKOSE LA 9A

Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae—Mehleng ea Khale

Molimo o susumetsa Ezekiele hore a bolele litšepiso tse hlano tse buang ka ho lokolloa le ho tsosolosa borapeli ba ’nete.

LEBOKOSE LA 9B

Hobane’ng re re 1919?

Ke hobane’ng ha re re batho ba Molimo ba ile ba lokolloa Babilona e Moholo ka 1919?

LEBOKOSE LA 9C

Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae—Mehleng Ena

Litšepiso tse ling tsa Molimo li phethahetse habeli joang?

LEBOKOSE LA 9D

Boprofeta ba ho Isoa Botlamuoeng le ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete

Boprofeta bo buang ka ho isoa ha Baiseraele botlamuoeng Babilona le ha ba khutlisetsoa habo bona bo ile ba phethahala ka tsela e kholoanyane ha phutheho ea Bokreste e ba botlamuoeng Babilona e Moholo ’me hamorao e lokolloa.

LEBOKOSE LA 9E

‘Nako ea Hore ho Nchafatsoe Lintho Tsohle’

Moapostola Petrose o ile a profeta ka nako e neng e tla qala ha Kreste e e-⁠ba Morena ebe e tsoela pele ho fihlela ha lilemo tse sekete li fela.

LEBOKOSE LA 10A

Borapeli ba ’Nete bo Tsosolositsoe Mohato ka Mohato

Ke lintho life tse etsahetseng tse re nolofalletsang ho etsa mosebetsi oa ho bolela mehleng ee?

LEBOKOSE LA 10B

Boprofeta ba “Masapo a Omeletseng” le ‘Lipaki Tse Peli’ bo Amana Joang?

Boprofeta boo bo phethahetse joang mehleng ee?

LEBOKOSE LA 10C

Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape

Ka linako tse ling re ka utloa re nyahame empa re khothatsoa ke pono ea masapo a omeletseng a ileng a phela.

LEBOKOSE LA 11A

Balebeli ba Behileng Mohlala o Motle

Ba ile ba hanyetsoa empa ba lula ba tšepahala ’me ba ’na ba lemosa batho le ho ba bolella litaba tse monate.

LEBOKOSE LA 12A

Lithupa Tse Peli Lia Kopanngoa

Lithupa tsee li ne li emela bo-mang mehleng ea Baiseraele le mehleng ea kajeno?

LEBOKOSE LA 13A

Litempele Tse sa Tšoaneng Tse re Rutang Lintho Tse sa Tšoaneng

Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e fapane joang le eo moapostola Pauluse a ileng a e hlalosa?

LEBOKOSE LA 14A

Re Ithuta’ng Ponong ea Ezekiele ea Tempele?

Ke lintho life tseo u ka ratang ho li sebelisa ha u ntse u sebeletsa Molimo tseo u ithutileng tsona ponong ea Ezekiele ea tempele?

LEBOKOSE LA 15A

Matekatse ao e Leng Bana ba Motho

Tsela eo Jehova a hlalosang Ohola le Oholiba e bontša kamoo a ikutloang kateng ka batho ba senyang lebitso la hae le halalelang le ba sa mo rapeleng ka tsela eo a e amohelang.

LEBOKOSE LA 16A

Na Bolumeli ba Bohata bo Tšoantšetsa Jerusalema?

Ke hobane’ng ha re se re utloisisa lintho ka tsela e fapaneng?

LEBOKOSE LA 16B

Ho Tšoenyeha le ho Utloa Bohloko, ho Tšoauoa le ho Loana ho Tla Etsahala Neng Hona Joang?

Pono e tlalehiloeng ho Ezekiele khaolo ea 9 e ka re thusa hore re se ke ra tšoha ha lefatše lena le felisoa.

LEBOKOSE LA 18A

Jehova o Lemosa Batho ka Ntoa e Kholo e Tlang

Bibele e bua ka ntoa e kholo eo ho eona Molimo a tl’o felisa batho bohle ba mo hanyetsang.

LEBOKOSE LA 19A

Linoka Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Jehova

Bangoli ba bangata ba Bibele ba sebelisitse papiso e tšoanang ha ba bua ka litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova.

LEBOKOSE LA 19B

Nokana e ba Noka e Kholo!

Nokana e phallang ho tsoa ntlong ea Molimo e tšoantšetsa’ng?

LEBOKOSE LA 20A

Naha ea Aroloa

Pono ea Ezekiele ea ho arola naha e ile ea khothatsa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona ’me le rona kajeno ea re khothatsa.

LEBOKOSE LA 21A

“Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”

Naha eo Molimo a neng a e beheletse ka thoko e ne e e-⁠na le likarolo life tse hlano? Ho ne ho etsoa’ng likarolong tseo?

LEBOKOSE LA 22A

Teko ea ho Qetela

Batho ba tla lula ba tšepahala ba tla fumana litlhohonolofatso life?