BUKANA EA SEBOKA SA--BOPHELO BA BOKRESTE LE TŠEBELETSO EA RŌNA September 2017
Mehlala ea Seo u ka se Buang le Batho
Mehlala ea seo u ka se buang le batho ha u tsamaisa Molula-Qhooa le ha u ruta batho ka hore na Bibele le lithuto tsa mahlale lia lumellana. Sebelisa mehlala ena ho ingolla hore na u tla bua’ng le batho ha u le tšimong.
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
Borapeli ba ’Nete Boa Tsosolosoa
Pono eo Ezekiele a e boneng ka tempele e ile ea kholisa Bajuda ba tšepahalang ba neng ba setse botlamuoeng hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ke Hobane’ng ha Borapeli ba ’Nete e le ba Bohlokoa ho Uena?
Borapeli ba ’nete bo tiisitsoe ka thata. Na u lula u nahana ka tlotla eo u nang le eona ea ho tseba Molimo le ho mo sebeletsa?
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
Litlhohonolofatso Tseo Baiseraele ba Neng ba Tla li Thabela ka Mor’a ho Lokolloa Babylona
Pono eo ho eona Ezekiele a boneng tempele e ile ea bontša hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa, hore lintho li ne li tla hlophiseha hantle le hore batho ba ne ba tla sebelisana ’moho ’me ba phele ba sireletsehile.
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
Jehova o Hlohonolofatsa ba mo Tšepahallang
Mohlala oa Baheberu ba bararo o ka re thusa ho lula re ikemiselitse ho tšepahalla Jehova.
PHELA JOALOKA MOKRETSE
Lula u Tšepahala ha U Lekoa
Jesu Kreste o ile a lula a tšepahalla Molimo nakong eo a neng a susumetsoa hore a se ke a lula a tšepahala. Na batho ba sa phethahalang ba ka lula ba tšepahala ho Molimo nakong eo ba susumetsoang hore ba se ke ba lula ba tšepahala?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Lula U Tšepahala ha Setho sa Lelapa se Khaoloa
Ha setho sa lelapa se khaoloa, ho ka ba thata ho lula re tšepahala. Ke’ng e ka re thusang ho lula re tšepahala?
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
Lula U Sebeletsa Jehova?
Daniele o ne lula a sebeletsa Molimo. Ha aa ka lumella eng kapa eng ho mo sitisa ho rapela Jehova.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ba Thuseng Hore ba Lule ba Sebeletsa Jehova
Hang ka mor’a hore batho bao le ithutang Bibele le bona e be bahoeletsi, ba thuseng hore ba chesehele ho ea tšimong kamehla. Thusa motho eo u ithutang Bibele le eena ho atleha tšimong.

