Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Petrose le Johanne ba lokisa kamore e ka holimo bakeng sa Paseka ea selemo sa 33.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na u Itokisetsa Sehopotso?

Na u Itokisetsa Sehopotso?

Paseka ea ho qetela eo Jesu a neng a tl’o e keteka e ne e le ea bohlokoa. Kaha o ne a le haufi le ho shoa, o ile a rera ho keteka Paseka le baapostola ba hae ebe o theha mokete oo batho ba tla ikhopotsa oona selemo le selemo oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Kahoo o ile a roma Petrose le Johanne hore ba il’o lokisa kamore eo ba tla tšoarela Paseka ho eona. (Lu 22:​7-13; sheba setšoantšo se ka ntle.) Taba ena e re hopotsa hore re lokela ho itokiselletsa Sehopotso se tla ba ka la 27 March. Mohlomong liphutheho li se li entse litlhophiso bakeng sa sebui, sebaka seo Sehopotso se tla ba ho sona, litšoantšetso, bahlokomeli le litlhophiso tse ling. Leha ho le joalo, re lokela ho etsa’ng ho itokiselletsa Sehopotso?

Lokisa pelo ea hao. Bala ’Malo oa Sehopotso u be u nahanisise ka ’ona. U ka fumana ’malo oa Bibele oa Sehopotso bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. U ka boela oa sheba khaolo ea 16 bukaneng ea Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo e le hore u fumane lintlha tse ling tse qaqileng ka ’malo oa Sehopotso. (Sheba hape le Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona ea April 2020.) Malapa a ka fumana lintlha tseo a ka buisanang ka tsona borapeling ba lelapa tse mabapi le bohlokoa ba thekollo ka ho sheba Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova.

Memela ba bang Sehopotsong. Sebetsa ka thata letšolong la ho memela batho Sehopotsong. Nahana ka batho bao u ka ba memang, ba akarelletsang maeto a ho boela, batho bao u neng u ithuta Bibele le bona, bao u tloaelaneng le bona le bao u amanang le bona. Baholo ba lokela ho mema batho ba seng ba sa ee libokeng le tšimong. Hopola hore esita le haeba motho a sa lule sebakeng seo u lulang ho sona, u ka mo bontša sebaka se haufi le moo a lulang moo Sehopotso se tl’o tšoareloa ho sona le nako eo se tla tšoaroa ka sona. U ka penya ho MABAPI LE RONA ho jw.org/st ebe u khetha “Sehopotso.”

Ke’ng hape eo re ka e etsang ho itokisetsa Sehopotso?