Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ka Ho Ngola Mangolo

Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ka Ho Ngola Mangolo

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA?: 1 Bakorinthe ke le leng la mangolo a 14 ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bakreste ’moho le eena ho ba khothatsa. Ha motho a ngola lengolo, o khona ho khetha mantsoe hantle hape motho ea le amohelang a ka le bala hangata. Re ka sebelisa mangolo ho ruta beng ka rona le metsoalle Bibele. Re ka boela ra ngolla batho bao re sa khoneng ho kopana le bona tšimong, ba kang ba bontšitseng thahasello molaetseng oa Bibele empa ho se bonolo ho ba fumana malapeng a bona. Ho ka etsahala hore e be tšimong ea rona ho na le matlo a sirelelitsoeng ka thata kapa ao ho leng thata ho fihla ho ’ona. Ke lintho life tseo u lokelang ho nahana ka tsona haholo-holo ha u ngolla motho eo u sa mo tsebeng?

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Ngola lintho tseo u neng u tla li buoa ha le ne le shebane mahlong. Qalong ea lengolo, ipolele hore na u mang le hore na morero oa ho ngola lengolo leo ke ofe. Ka mor’a moo, u ka ’na oa ngola potso e fatang maikutlo, ebe u mo bolella hore a ka fumana karabo ea eona websaeteng ea rona. Mo bontše kamoo a ka ithutang Bibele le rona kateng kapa u ka mo bolella se seng sa lihlooho tse hlahang ka har’a lingoliloeng tseo re li sebelisang ho ithuta Bibele le batho. Ka har’a lengolo lena re ka kenya karete ea boitsebiso, memo kapa pampitšana

  • Toba taba. Lengolo la hao le lokela ho ba lekhutšoanyane ’me le tobe taba e le hore motho eo u mo ngoletseng a se ke a teneha ke ho le bala.​—Sheba mohlala oa lengolo

  • Ha u qeta ho le ngola, le bale e le hore u utloe hore na le baleha hantle. Etsa bonnete ba hore le utloahala le le botsoalle ebile le bontša hore u na le maikutlo a nepahetseng. Haeba u tla le romela ka poso, tiisa hore u beha setempe se nepahetseng