Ba bolela litaba tse molemo Sierra Leone

BUKANA EA SEBOKA SA--BOPHELO BA BOKRESTE LE TŠEBELETSO EA RŌNA December 2017

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Mehlala ea seo u ka se buang le batho ha u tsamaisa Tsoha! le ha u ruta molaetsa oa Bibele mabapi le lefu. Sebelisa mehlala ena ho ngola seo u tla se bua.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae

E le hore Jehova a tle a re sireletse letsatsing la bohale ba hae, re lokela ho mamela keletso eo Sofonia a ileng a e fa Baiseraele.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

“Tšoara Seaparo sa Monna oa Mojuda ka Tieo”

Batho ba lichaba tsohle ba sebeletsa Jehova ba ikopantse le Bakreste ba tlotsitsoeng. Ke ka litsela life linku tse ling li tšehetsang batlotsuoa mehleng ee?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling—Ho Pakela Motho e Mong le e Mong ea Tšimong ea Rona

Re batla ho bua le motho e mong le e mong ea tšimong ea rona ka litaba tse molemo. Re ka etsa see joang?

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Lula “Phuleng ea Lithaba”

‘Phula ea lithaba’ e tšoantšetsa’ng? Ke joang batho ba balehelang ho eona hape ba lula ho eona ka tsela efe?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Karolo e Ncha ea Seboka sa Har’a Beke

Sebelisa karolo e ncha ea liboka tsa har’a beke ho u thusa ho lokisetsa liboka hantle le ho feta, le ho u thusa ho atamela ho ntate oa hao ea lerato e leng Jehova.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Na Lenyalo la Hao le Thabisa Jehova?

Mehleng ea Malakia, Jehova ha aa ka a amohela borapeli ba batho ba neng ba sebetsana le balekane ba bona ka bolotsana. Mehleng ee, banyalani ba ka etsa’ng ho tšepahallana?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lerato la ’Nete ke le Joang?

Jehova o batla hore lenyalo e be tlamo ea bophelo bohle pakeng tsa monna le mosali. O fane ka melao-motheo e thusang Bakreste ho khetha molekane ea loketseng.