Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Sehlooho se Secha se re Thusang Ho Qala Moqoqo

Sehlooho se Secha se re Thusang Ho Qala Moqoqo

Ho tloha ka January 2016, leqephe le ka morao la Molula-Qhooa le na le sehlooho se reng “Bibele e Re’ng?” Sehlooho sena se secha se entsoe ka morero oa ho re thusa hore re qale moqoqo oa Bibele. Se entsoe ka tsela e tšoanang le ea lipampitšana. Se qala ka potso e fatang maikutlo e lateloang ke karabo e hlahang ka Bibeleng le lintlha tse ling tseo re ka buisanang le batho ka tsona.

Hangata ha re buisana le batho ka Bibele re qetella re ba khannetse lithuto tsa Bibele. U ka sebelisa sehlooho sena se secha hore u thuse batho ba bangata ba ithute Lentsoe la Molimo.—Mat 5:6.

TSELA EA HO SEBELISA SEHLOOHO SENA:

  1. Botsa motho eo u buang le eena e ’ngoe ea lipotso ebe u kōpa hore a e arabe

  2. Mamela karabo ebe ua mo leboha

  3. Bala temana tlas’a sehlooho se reng “Seo Bibele e se Buang,” ebe u mo botsa hore na o ikutloa joang ka eona. Haeba a na le nako, tsoela pele ho buisana le eena ka ntlha e tlas’a sehlooho se reng “Seo re Ithutang Sona Hape Bibeleng”

  4. Buella makasine

  5. Lokisetsa hore u khutlele e le hore le buisane ka potso ea bobeli