Nahume 2:1-13
2 Lona baahi ba Ninive, le tla futuheloa ke motho ea tla le hasanya.+
Lebelang marako a lona a sireletsang motse,Le lebele litsela tsa lona.
Itokisetseng ntoa, le hlomele.
2 Jehova o tla etsa hore Jakobo a hlomphuoe hape,A etse joalo le ka IseraeleHobane sera se ba senyelitse,+Se ba senyelitse lifate tsa bona tsa morara.
3 Lithebe tsa masole a Ninive li khubelu,Liaparo tsa ’ona li khubelu tlere!Likariki tsa ’ona li benya joaloka molloLetsatsing leo ka lona a itokisetsang ntoa’Me banna ba leotsa marumo a bona a entsoeng ka patsi ea sefate sa junipere.
4 Likariki tsa masole a bona tsa ntoa li matha ka lebelo literateng,Li ea holimo le tlase limmarakeng.
Li khanya joaloka lirumula, li lebelo joaloka lehalima.
5 Morena oa Asiria o tla bitsa masole a hae a matla.
Ha a ntse a tsamaea, a tla khothometseha,A mathele lerakong la motseE le ho le sireletsa ka thata.
6 Likeiti tsa linoka li tla buloa’Me ntlo ea morena e tla heleha.
7 Ho se ho entsoe qeto, Ninive o hlobolisitsoe,O tla nkoa a isoe botlamuoeng ebe basebeletsi ba hae ba baroetsana baa lla,Ba lle joaloka maeba ba ntse ba ikotla lifuba.
8 Ho tloha ha Ninive+ e le teng esale eka letamoEmpa hona joale batho baa baleha.
“Khutlang! Khutlang!”
Empa ha ho le ea mong ea khutlang.+
9 Ikhapeleng silevera, le ikhapele khauta.
Lintho tse bolokiloeng li ngata haholo,Ho tletse lintho tsa bohlokoa tsa mefuta-futa.
10 Motse o bolutu, ke lesupi.+
Baahi ba oona ba oele ke letsoalo,* mangole a bona aa tšerema,Baa bonahala hore ba pulufaletsoe.
11 Ho etsahetse’ng ka motse o neng o ka selao sa litau,+ moo litau* li neng li jella teng,Moo tau e neng e tsamaea le malinyane a eona,Moo ho neng ho se na motho ea ka li tšosang?
12 Tau e ile ea rusolla liphofu tse lekaneng ho fepa malinyane a eona,Ea li rusolla le bakeng sa litauhali tsa eona.
Ea tlatsa selao sa eona ka liphoofolo tseo e li bolaileng,Liphoofolo tseo e li harotseng.
13 Jehova oa mabotho o re:“Ke tla u hlasela uena Ninive,+ ke chese likariki tsa hao tsa ntoa,+Ke tla bolaea bahlankana ba hao* ka sabole,Ke u thibele hore u se ke oa hlola u tlatlapa lefatše,Baromuoa ba hao ba ke ke ba hlola ba utloahala.”+

