Esthere 10:1-3

  • Mordekai o behoa boemong bo phahameng (1-3)

10  Morena Asueruse a laela batho ba lulang naheng le lihlekehlekeng tsa leoatle hore ba etse mosebetsi o boima.*  Mesebetsi eohle ea hae e meholo le lintho tseo a li fihletseng hammoho le litaba tsa kamoo morena a ileng a beha Mordekai+ boemong bo phahameng kateng,+ li ile tsa ngoloa bukeng ea histori+ ea marena a Media le Persia.+  Mordekai oa Mojuda o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla. E ne e le motho oa bohlokoa* a bile a hlomphuoa ke Bajuda, a sebeletsa boiketlo ba batho ba habo le hore bana bohle ba bona ba be le khotso.

Linaletsana

Kapa: “ba etse mosebetsi o qobelloang.”
Kapa: “O ne a le moholo.”