Lengolo le Eang ho Bakolose 1:1-29

  • Litumeliso (1, 2)

  • Pauluse o leboha Bakolose ka lebaka la tumelo ea bona (3-8)

  • Pauluse o rapella hore ba be le tsebo e ngata ka Molimo (9-12)

  • Mosebetsi oa bohlokoa oa Kreste (13-23)

  • Pauluse o sebeletsa phutheho ka thata (24-29)

1  ’Na Pauluse, eo ke bileng moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo, le Timothea+ ngoan’abo rona, 2  re ngolla bahalaleli le bana ba bo rona ba tšepahalang bao e leng barutuoa ba Kreste ba leng Kolose: E se eka Molimo Ntate oa rona a ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso. 3  Kamehla re leboha Molimo Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste ha re le rapella 4  hobane re utloile hore le lumela ho Kreste Jesu ebile le rata balumeli-’moho le lona* 5  ka lebaka la moputso oo le o behetsoeng leholimong.+ Le ile la utloa ka moputso oo ha le ne le bolelloa molaetsa oa ’nete oa litaba tse monate 6  tseo le ileng la li utloa. Joalokaha litaba tse monate li eketseha ebile li fihla lefatšeng lohle,+ ke sona se ntseng se etsahala ho lona ho tloha mohla le neng le utloa ’me le tseba ’nete ka mosa oa Molimo. 7  Le ithutile lintho tsena ho Epafrase,+ mohlanka-’moho le rona ea ratehang. Mosebeletsi eo ea tšepahalang oa Kreste o etsa mosebetsi oo re ka beng re o etsa. 8  Hape o re boleletse hore moea o halalelang o le thusa ho ba lerato. 9  Ho tloha mohla re neng re utloa ka lerato le tumelo ea lona, re ile ra lula re le rapella+ hore le be le tsebo e ngata e nepahetseng+ ka thato ea Molimo le bohlale le hore moea oa Molimo o le thuse ho ba le kutloisiso.+ 10  Tsela eo le phelang ka eona e lokela ho thabisa Jehova* ebile le lokela ho etsa lintho tse molemo le be le eketse tsebo ea lona e nepahetseng ka Molimo.+ 11  E se eka Molimo a ka le matlafatsa ka matla a hae a maholo,+ e le hore le tle le mamelle lintho tsohle le tiiselitse ebile le thabile. 12  Le ntse le leboha Ntate, ea entseng hore le tšoanelehe ho amohela lefa la bahalaleli+ ba leseling. 13  O re ntšitse lefifing*+ a re isa ’musong oa Mora oa hae eo a mo ratang, 14  ea ileng a re lefella e le hore re lopolloe libeng, e leng se bolelang hore libe tsa rona li tšoaretsoe.+ 15  Mora enoa o tšoana* le Molimo ea sa bonahaleng+ ebile ke letsibolo la popo eohle+ 16  hobane lintho tse ling tsohle tse leholimong le lefatšeng li ile tsa boptjoa ho sebelisoa eena, lintho tse bonahalang le tse sa bonahaleng,+ ho sa tsotellehe hore na ke literone, borena, mebuso kapa balaoli. Lintho tse ling tsohle li bopiloe ka eena+ ebile li bopetsoe eena. 17  Hape, o bile teng pele ho lintho tse ling tsohle.+ Ho ile ha sebelisoa eena ho bopa lintho tse ling tsohle tse teng 18  ebile ke hlooho ea ’mele, e leng phutheho.+ Ke qalo ea lintho tsohle. Ke letsibolo, e leng oa pele ea ileng a tsosoa bafung+ e le hore e ka ba eena oa pele linthong tsohle 19  hobane Molimo o ne a batla hore makhabane ’ohle a hae a be ho Kreste+ 20  le hore Kreste a etse hore lintho tsohle tse ling, ebang ke tse leholimong kapa tse lefatšeng, li boelane le eena hape+ e le hore ho be le khotso ka lebaka la mali+ ao a ileng a a tšolla palong.* 21  Le kile la ba hole le Molimo ebile le le lira tsa hae hobane le ne le lula le nahana ka liketso tse mpe. 22  Molimo o entse hore le boelane le eena a sebelisa ’mele oa Mora oa hae ea ileng a shoa hore a le tlise ka pel’a hae le halalela, le se na molato ebile ho se na letho leo le ka qosoang ka lona.+ 23  Leha ho le joalo, le lule le e-na le tumelo,+ le tsitsitse motheong,+ le tiile,+ le sa lahle tšepo eo le e fumaneng ha le ne le utloa litaba tse monate tse ileng tsa boleloa lefatšeng lohle.+ ’Na Pauluse, ke khethiloe hore ke bolele litaba tsena tse monate.+ 24  Ke thabela ho sotloa molemong oa lona.+ Kaha ke karolo ea ’mele oa Kreste, ke ikemiselitse ho lula ke sotloa. Ke sotloa tjena molemong oa ’mele oa Kreste,+ e leng phutheho.+ 25  Ke bile mosebeletsi phuthehong ena ho latela boikarabelo+ boo Molimo a mphileng bona molemong oa lona. O nkhethile hore ke bolele lentsoe la hae ka botlalo 26  e leng lekunutu le halalelang+ le neng le patiloe ho tloha mehleng ea khale*+ le ho tloha melokong e fetileng. Empa hona joale le senoletsoe bahlanka ba hae.*+ 27  Molimo o tsebisitse lichaba tse ling lekunutu lena le halalelang le nang le maruo a mangata a khanyang.+ Lekunutu lena le halalelang ke Kreste ea momahaneng le lona e leng se bolelang hore le na le tšepo ea ho tlotlisoa le eena.+ 28  Ke eena eo re buang ka eena. Re eletsa batho bohle ka eena ebile re ba ruta bohlale bohle ka eena hore motho e mong le e mong a tle a eme ka pel’a Molimo e le molateli oa Kreste+ ea nang le tumelo e matla. 29  Ke sebetsa ka thata hore ke etse seo ebile kea ikitlaetsa ka thuso ea matla ao a mphang ’ona.+

Linaletsana

^ Ka Segerike: “bahalaleli.”
^ Ka Segerike: “A re pholosa taolong ea lefifi.”
^ Kapa: “ke setšoantšo sa.”
^ Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
^ Ka Segerike: “ho tloha litsamaisong tsa lintho tse fetileng.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Segerike: “bahalaleli.”