Lengolo la Bobeli la Johanne 1:1-13

  • Litumeliso (1-3)

  • Le ’ne le tsamaee tseleng ea ’nete (4-6)

  • Le hlokomele bathetsi (7-11)

    • Le se ke la mo lumelisa (10, 11)

  • Johanne o rera ho ba chakela, litumeliso tse qetellang (12, 13)

1  ’Na monna e moholo,* ke ngolla mofumahali ea khethiloeng le bana ba hae bao ke ba ratang haholo. Ha se ’na feela ea le ratang empa le ratoa ke bohle ba tsebang ’nete. 2  Re le rata ka lebaka la ’nete eo re e tsebang le e tla lula e le teng ka lipelong tsa rona. 3  Molimo eo e leng Ntate oa rona ea leholimong le Mora oa hae Jesu Kreste ba tla re fa lithuto tsa ’nete le ho re bontša lerato. Ba tla re bontša mosa* le mohau ba be ba re fe khotso. 4  Ke thabile haholo hobane ke utloile hore bana ba bang ba hao ba ntse ba tsamaea tseleng ea ’nete+ feela joalokaha Ntate a ne a re laetse. 5  Kahoo mofumahali, ha ke u kope hore u latele taelo e ncha empa ke u kopa hore u latele taelo eo esale re e-na le eona ha re ne re qala ho ithuta ka Kreste, e leng taelo ea hore re ratane.+ 6  Ha re lula re mamela litaelo tsa Ntate, rea bontša hore re lerato.+ Joalokaha le utloile ho tloha qalong, taelo eo a faneng ka eona ke e reng le tsoele pele ho bontša lerato. 7  Ho na le bathetsi ba bangata lefatšeng+ ba sa lumeleng hore Jesu Kreste o ile a tla lefatšeng e le motho.+ Motho ea sa lumeleng taba ena ke mothetsi ebile o hanyetsa Kreste.+ 8  Itlhokomeleng hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re li sebelelitseng ka thata e le hore le ka fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a le lokiselitseng tsona.+ 9  Mang kapa mang ea sa lateleng lithuto tsa Kreste a bile a li ruta ka tsela e fosahetseng, ha a amoheloe ke Molimo.+ Ea tsoelang pele ho latela lithuto tsa Kreste o amoheloa ke Ntate le Mora.+ 10  Ha motho e mong a tla ho lona ’me a le ruta lintho tse sa lumellaneng le tseo Jesu a li rutileng, le se ke la mo amohela malapeng a lona+ kapa la mo lumelisa. 11  Ea mo lumelisang o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe. 12  Le hoja ho e-na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho le bolella tsona, ha ke batle ho le ngolla tsona empa ke batla ho le bolella tsona ha ke tlile e le hore le ka thaba haholo. 13  Bana ba ausi oa lona ea khethiloeng ba re le lumele.

Linaletsana

^ Kapa: “’Na moholo.”