Buka ea Pele ea Likronike 21:1-30

  • Davida o bala batho a sa tšoanela (1-6)

  • Kotlo e tsoang ho Jehova (7-17)

  • Davida o haha aletare (18-30)

21  Satane* a loantša Baiseraele ’me a susumelletsa Davida hore a bale Baiseraele.+  Davida a re ho Joabe+ le balaoli ba sechaba: “Tsamaeang le e’o bala Baiseraele ho tloha Beersheba ho ea fihla Dane.+ Ka mor’a moo, le mpolelle e le hore ke tle ke tsebe palo ea bona.”  Empa Joabe a re: “E se eka Jehova a ka eketsa batho ba hae ka makhetlo a 100. Moren’a ka, kaofela ha bona e se e ntse e le bahlanka ba hao. Ke hobane’ng ha u batla ho etsa ntho ee? Ke hobane’ng ha u etsa hore Baiseraele ba be molato?”  Empa morena a hana ho mamela Joabe. Joabe a tloha ’me a tsamaea Iseraele eohle. Ka mor’a moo, a fihla Jerusalema.+  Joabe a fa Davida palo ea batho ba neng ba ngolisitsoe. Banna bohle ba Iseraele ba tšoarang lisabole ba ne ba le 1 100 000 ’me banna ba Juda ba tšoarang lisabole ba le 470 000.+  Empa leloko la Levi le la Benjamine ha lea ka la ngolisoa har’a bona+ hobane Joabe o ne a nyonya seo morena a se buileng.+  Molimo oa ’nete ha aa ka a thabela ntho ena. Kahoo, a otla Baiseraele.  Davida a re ho Molimo oa ’nete: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Ke kopa u ntšoarele+ hobane ke entse ka booatla.”+  Jehova a bua le Gade+ ea bonang lipono bakeng sa Davida a re: 10  “Tsamaea ’me u re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke u fa likotlo tse tharo. Ikhethele eo u e batlang.”’” 11  Gade a tla ho Davida a re ho eena: “Jehova o re, ‘Ikhethele 12  hore na ho be le lilemo tse tharo tsa tlala+ kapa likhoeli tse tharo u bolaoa ke lira tsa hao ’me li u hlasela ka sabole+ kapa matsatsi a mararo a sabole ea Jehova, e leng hore lengeloi la Jehova le tlise lefu la seoa naheng eohle ea Iseraele.’+ Joale inahane ’me u mpolelle hore na ke re’ng ho ea nthomileng.” 13  Davida a re ho Gade: “Ke tšoenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuoa kotlo ke motho+ empa e be Jehova ea re fang kotlo hobane eena o mohau haholo.”+ 14  Jehova a tlisa lefu la seoa+ Iseraele ’me ha shoa batho ba 70 000 Iseraele.+ 15  Ho ekelletsa moo, Molimo oa ’nete a romela lengeloi hore le e’o felisa Jerusalema. Empa ha le le haufi le ho etsa joalo, Jehova a bona seo eaba o utloa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo.+ A re ho lengeloi le neng le tl’o felisa batho: “Ho lekane!+ Theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi le seotlo sa Ornane+ oa Mojebuse.+ 16  Ha Davida a sheba holimo, a bona lengeloi la Jehova le eme sepakapakeng le tšoere sabole+ ’me le supile Jerusalema ka eona. Hang-hang Davida le baholo ba itihela fatše, ba inama+ ba ikoahetse ka masela a hoashang.*+ 17  Davida a re ho Molimo oa ’nete: “Na ha se ’na ea itseng ho baloe batho? Ke ’na ea entseng sebe ’me ke ’na ea entseng phoso+ empa linku tsee tsona li entse’ng? Jehova Molimo oa ka, ke kopa hore u tlise kotlo ena ho ’na le ho ba lelapa la ntate oa ka empa u se ke oa otla sechaba sa hao.”+ 18  Lengeloi la Jehova la re Gade+ a bolelle Davida hore a nyolohe a e’o etsetsa Jehova aletare seotlong sa Ornane oa Mojebuse.+ 19  Eaba Davida oa nyoloha ka mor’a hore moprofeta Gade a mo bolelle seo Jehova a se buileng. 20  Ka nako eo, Ornane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi. Bara ba hae ba bane ba neng ba e-na le eena ba ipata. 21  Ha Davida a tla ho eena, Ornane a mo bona ’me hang-hang a tsoa seotlong a inamela Davida sefahleho sa hae se shebile fatše. 22  Davida a re ho Ornane: “Nthekisetse* sebaka sena sa seotlo e le hore nka hahela Jehova aletare ho sona. Nthekisetse sona ka chelete e feletseng hore boloetse bona bo tšoereng batho bo tle bo felisoe.”+ 23  Empa Ornane a re ho Davida: “Inkele sona moren’a ka ’me u etse seo u bonang se le molemo. Likhomo tsa nyehelo ea secheso ke tsena ke fana ka tsona le selei+ sa ho pola* bakeng sa patsi hammoho le koro bakeng sa nyehelo ea lijo.* Ke fana ka tsona kaofela.” 24  Leha ho le joalo, Morena Davida a re ho Ornane: “Che, ke lokela ho se reka ka chelete e feletseng hobane nke ke ka nka lintho tsa hao ebe ke li fa Jehova kapa ka nyehela mahlabelo a secheso ka lintho tseo ke li fumaneng mahala.”+ 25  Davida a fa Ornane likotoana* tsa khauta tse 600 bakeng sa sebaka seo. 26  Davida a hahela Jehova aletare+ moo ’me a nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, a rapela Jehova eaba o mo arabela ka ho theolela mollo+ o tsoang leholimong holim’a aletare ea nyehelo ea secheso. 27  Eaba Jehova o laela lengeloi+ hore le khutlisetse sabole ea lona selateng* sa eona. 28  Ka nako eo, ha Davida a bona hore Jehova o mo arabetse seotlong sa Ornane oa Mojebuse, a lula a etsetsa mahlabelo moo. 29  Empa ka nako eo, tabernakele ea Jehova eo Moshe a neng a e entse lefeelleng le aletare ea nyehelo ea secheso li ne li le sebakeng se phahameng Gibeone.+ 30  Empa Davida o ne a sa ka a khona ho ea ka pel’a eona ho ea bua le Molimo hobane o ne a tšositsoe ke sabole ea lengeloi la Jehova.

Linaletsana

Kapa mohlomong: “Mohanyetsi.”
Kapa: “a soaba.”
Ka Seheberu: “Mphe.”
Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Sepache sa sabole se entsoeng ka letlalo.