Zakaria 14:1-21

14  “Bonang! Letsatsi la Jehova lea tla,+ ’me ka sebele thepa ea lōna e hapuoeng e tla aroloa har’a lōna. 2  Ka sebele ke tla bokella lichaba tsohle khahlanong le Jerusalema bakeng sa ntoa;+ motse o tla haptjoa+ ’me matlo a nkeloe thepa ka mahahapa, ’me basali ba tla betoa.+ Halofo ea motse e tla ea kholehong;+ empa ha e le ba setseng ba sechaba,+ ba ke ke ba felisoa motseng.+ 3  “Ka sebele Jehova o tla tsoa ’me a loane khahlanong le lichaba tseo+ joaloka letsatsing la ho loana ha hae, letsatsing la ntoa.+ 4  Letsatsing leo maoto a hae a tla ema holim ’a thaba ea lifate tsa mohloaare, e leng pel’a Jerusalema, ka bochabela;+ ’me thaba ea lifate tsa mohloaare+ e tla petsoha bohareng ba eona,+ ho tloha bochaba-tsatsi le ho isa bophirimela. Ho tla ba le phula e khōlō haholo; halofo ea thaba e tla isoa leboea, ’me halofo ea eona e isoe boroa. 5  Ka sebele le tla balehela phuleng ea lithaba tsa ka;+ hobane phula ea lithaba e tla be e e’o fihla Azele. Le tla lokela ho baleha, feela joalokaha le ile la baleha ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše matsatsing a Uzia morena oa Juda.+ Ka sebele Jehova Molimo oa ka o tla tla,+ bahalaleli bohle ba e-na le eena.+ 6  “Letsatsing leo ho ke ke ha e-ba le leseli la bohlokoa+—lintho li tla hoama.+ 7  E tla ba letsatsi le leng le tsejoang e le la Jehova.+ E ke ke ea e-ba motšehare, kapa hona hore e be bosiu;+ ’me ka nako ea shoalane ho tla khanya.+ 8  Letsatsing leo metsi a phelang+ a tla tsoa Jerusalema,+ halofo ea ’ona e ee leoatleng le ka bochabela+ ’me halofo ea ’ona e ee leoatleng le ka bophirimela.+ Ho tla etsahala lehlabula le mariha.+ 9  Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle.+ Letsatsing leo Jehova o tla ba mong,+ ’me lebitso la hae le be leng.+ 10  “Naha eohle e tla fetoloa joaloka Araba,+ ho tloha Geba+ ho ea Rimone+ ka boroa ho Jerusalema; e tla tsoha ’me e be le baahi sebakeng sa eona,+ ho tloha Hekeng ea Benjamine+ ho ea fihla sebakeng sa Heke ea Pele, ho ea fihla Sekhutlong sa Heke, le ho tloha Toreng ea Hananiele+ ho ea fihla likhakeletsing tsa sehatelo sa morena. 11  Ka sebele batho ba tla aha ho eona; ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho neheloa timetso,+ ’me ho tla ahuoa Jerusalema ka tšireletseho.+ 12  “E tla ba lefu la seoa leo ka lona Jehova a tla otla lichaba tsohle tseo ka sebele li tlang ho etsa tšebeletso ea sesole khahlanong le Jerusalema:+ Nama ea motho e tla bola, a ntse a eme ka maoto;+ ’me mahlo a hae a tla bolla ka har’a mekoti ea ’ona, ’me leleme la hae le tla bolla ka har’a molomo oa hae. 13  “Letsatsing leo pherekano e tsoang ho Jehova e tla ata har’a bona;+ ka sebele, e mong le e mong oa bona o tla tšoara letsoho la motsoalle oa hae, ’me ka sebele letsoho la hae le tla phahama khahlanong le letsoho la motsoalle oa hae. 14  Le Juda e tla loana Jerusalema; ’me ka sebele leruo la lichaba tsohle tse pota-potileng le tla bokelloa, khauta le silevera le liaparo ka bongata bo fetisisang.+ 15  “Ona ke mokhoa oo lefu la seoa la lipere, limmoulo, likamele, le liesele tse tona, le phoofolo e ruuoang ea mofuta o mong le o mong e liahelong tseo, le tla ba ka oona, joaloka lefu lena la seoa. 16  “Ha e le e mong le e mong ea siiloeng ho tsoa lichabeng tsohle tse futuhelang Jerusalema,+ le eena o tla nyoloha selemo le selemo+ ho ea inamela Morena,+ Jehova oa mabotho,+ le ho keteka mokete oa maphephe.+ 17  Mabapi leha e le ofe ea sa nyoloheng+ ho tsoa malapeng+ a lefatše ho ea Jerusalema ho ea inamela Morena, Jehova oa mabotho, esita le holim ’a bona ha ho pula e tšolohang e tla ba teng.+ 18  Haeba lelapa la Egepeta le sa nyolohe ’me le sa kene, le holim ’a lona e ke ke ea e-ba teng. Lefu la seoa le tla ba teng leo ka lona Jehova a otlang lichaba tse sa nyoloheng ho ea keteka mokete oa maphephe. 19  Ena e tla ba kotlo bakeng sa sebe sa Egepeta le sebe sa lichaba tsohle tse sa nyoloheng ho ea keteka mokete oa maphephe.+ 20  “Letsatsing leo holim ’a mangenengene a pere ho tla ba+ le ‘Khalalelo ke ea Jehova!’+ Lipitsa tse molomo o moholo+ tse ka tlung ea Jehova li tla ba joaloka likotlolo+ ka pel’a aletare.+ 21  Pitsa e ’ngoe le e ’ngoe e molomo o moholo e Jerusalema le Juda e tla ba ntho e halalelang ea Jehova oa mabotho, ’me bohle ba etsang sehlabelo ba tla kena le ho inkela tse ka ho tsona ’me ba tla pheha ka tsona.+ Ha ho sa tla hlola ho e-ba le Mokanana+ ka tlung ea Jehova oa mabotho letsatsing leo.”+

Linaletsana