Numere 7:1-89
7 Joale eitse letsatsing leo Moshe a phethileng ho hloma tabernakele+ ka lona a e tlotsa+ le ho e halaletsa hammoho le thepa eohle ea eona le aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona. Kahoo a li tlotsa ’me a li halaletsa.+
2 Joale marenana a Iseraele,+ lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona, a etsa nyehelo,+ kaha e ne e le marenana a meloko ’me a okametse ba ngolisitsoeng,
3 ’me a tlisa nyehelo ea ’ona ka pel’a Jehova, likoloi tse tšeletseng tse koahetsoeng le likhomo tse leshome le metso e ’meli, koloi bakeng sa marenana a mabeli le poho bakeng sa e mong le e mong; ’me a li hlahisa ka pel’a tabernakele.
4 Jehova a re ho Moshe:
5 “Li amohele ho ’ona, kaha li tla ntšetsa pele tšebeletso ea tente ea pokano, ’me u li fe Balevi, e mong le e mong ka ho lekana le tšebeletso ea hae.”
6 Kahoo Moshe a amohela likoloi le likhomo ’me a li fa Balevi.
7 A fa bara ba Gershone likoloi tse peli le likhomo tse ’nè ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+
8 eaba o fa bara ba Merari likoloi tse ’nè le likhomo tse robeli ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+ tlas’a letsoho la Ithamare mora oa moprista Arone.+
9 Empa a se ke a fa bara ba Kohathe letho, hobane tšebeletso ea sebaka se halalelang e ne e le ho bona.+ Ba ne ba jara ka mahetla.+
10 Joale marenana a etsa nyehelo ha ho khakoloa+ aletare letsatsing la ho tlotsoa ha eona, ’me marenana a hlahisa linyehelo tsa ’ona ka pel’a aletare.
11 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Morenana e mong ka letsatsi le leng le morenana e mong ka letsatsi le leng ke tsela eo ka eona ba tla hlahisa linyehelo tsa bona bakeng sa ho khakoloa ha aletare.”+
12 Joale ea hlahisang nyehelo ea hae ka letsatsi la pele ea e-ba Nashone+ mora oa Aminadabe oa moloko oa Juda.
13 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang,+ ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
14 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+
15 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
16 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
17 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nashone mora oa Aminadabe.+
18 Letsatsing la bobeli Nethaniele+ mora oa Zuare, morenana oa Isakare, a etsa nyehelo.
19 A hlahisa e le nyehelo ea hae sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
20 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
21 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
22 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
23 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nethaniele mora oa Zuare.
24 Letsatsing la boraro ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Zabulone, Eliabe+ mora oa Helone.
25 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;
26 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
27 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
28 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
29 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliabe mora oa Helone.+
30 Letsatsing la bone ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Rubene, Elizure+ mora oa Shedeure.
31 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
32 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
33 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
34 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
35 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elizure mora oa Shedeure.+
36 Letsatsing la bohlano ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Simeone, Shelumiele+ mora oa Zurishadai.
37 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
38 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
39 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
40 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
41 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Shelumiele mora oa Zurishadai.+
42 Letsatsing la botšelela ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Gade, Eliasafe+ mora oa Deuele.
43 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
44 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+
45 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
46 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
47 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliasafe mora oa Deuele.+
48 Letsatsing la bosupa ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Efraime, Elishama+ mora oa Amihude.
49 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
50 senoelo se le seng sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
51 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
52 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
53 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elishama mora oa Amihude.+
54 Letsatsing la borobeli ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Manase, Gamaliele+ mora oa Pedazure.
55 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
56 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+
57 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
58 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
59 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Gamaliele mora oa Pedazure.+
60 Letsatsing la borobong ho ne ho e-na le morenana+ oa bara ba Benjamine, Abidane+ mora oa Gideoni.
61 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
62 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
63 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
64 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
65 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Abidane mora oa Gideoni.+
66 Letsatsing la leshome ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Dane, Akiezere+ mora oa Amishadai.
67 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
68 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;
69 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
70 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
71 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Akiezere mora oa Amishadai.+
72 Letsatsing la leshome le motso o mong ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Ashere, Pagiele+ mora oa Okrane.
73 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
74 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+
75 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
76 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
77 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Pagiele mora oa Okrane.+
78 Letsatsing la leshome le metso e ’meli ho ne ho e-na le morenana oa bara ba Nefthali, Ahira+ mora oa Enane.
79 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera, boima ba sona e le lishekele tse lekholo le mashome a mararo, sekotlolo se le seng sa silevera sa lishekele tse mashome a supileng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, ka bobeli li tletse phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo;+
80 senoelo se le seng sa khauta sa lishekele tse leshome, se tletseng libano;+
81 pohoana e le ’ngoe, pheleu e le ’ngoe, konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele, bakeng sa nyehelo ea secheso;+
82 potsanyane e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe;+
83 ’me bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng+ e le likhomo tse peli, lipheleu tse hlano, liphooko tse hlano, likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Ahira mora oa Enane.+
84 Ena e bile nyehelo ea khakolo+ ea aletare letsatsing la ho tlotsoa ha eona, ea marenana+ a Iseraele: lijana tsa silevera tse leshome le metso e ’meli, likotlolo tsa silevera+ tse leshome le metso e ’meli, linoelo tsa khauta tse leshome le metso e ’meli;
85 lishekele tse lekholo le mashome a mararo bakeng sa sejana se seng le se seng sa silevera, le tse mashome a supileng bakeng sa sekotlolo se seng le se seng, silevera eohle ea lijana e le lishekele tse likete tse peli le makholo a mane ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang;+
86 linoelo tsa khauta+ tse leshome le metso e ’meli tse tletseng libano e ne e le lishekele tse leshome senoelo ka seng ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, khauta eohle ea linoelo e ne e le lishekele tse lekholo le mashome a mabeli;
87 liphoofolo tsohle bakeng sa nyehelo ea secheso+ e ne e le lipoho tse leshome le metso e ’meli, lipheleu tse leshome le metso e ’meli, likonyana tse tona tse leshome le metso e ’meli e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo le linyehelo tsa tsona tsa lijo-thollo,+ le lipotsanyane tse leshome le metso e ’meli bakeng sa nyehelo ea sebe;+
88 ’me liphoofolo tsohle tsa sehlabelo se kopanetsoeng+ e ne e le lipoho tse mashome a mabeli a metso e mene, lipheleu tse mashome a tšeletseng, liphooko tse mashome a tšeletseng, likonyana tse tona tse mashome a tšeletseng e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e bile nyehelo ea khakolo+ ea aletare ka mor’a ho tlotsoa ha eona.+
89 Joale neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le eena,+ o ne a utloa lentsoe le buang le eena le tsoa ka holim ’a sekoahelo+ se holim ’a areka ea bopaki, pakeng tsa likerubime tse peli;+ ’me o ne a bua le eena.

