Moeklesia 8:1-17

8  Ke mang ea joaloka ea bohlale?+ Ke mang ea tsebang tlhaloso ea ntho?+ Bohlale ba motho bo khantša sefahleho sa hae, ’me esita le ho hlokofala ha sefahleho sa hae hoa fetoha hore ho be molemo.+  Ke re: “Boloka taelo ea morena,+ ’me u etse seo ka lebaka la kano ea Molimo.+  U se ke ua potlaka, e le hore u ka tloha ka pel’a hae.+ U se ke ua ema nthong e mpe.+ Etsoe o tla etsa sohle seo a thabelang ho se etsa,+  hobane lentsoe la morena ke matla a ho laola;+ ’me ke mang ea ka reng ho eena: ‘U etsa’ng?’”  Ea bolokang taelo a ke ke a tseba ntho leha e le efe ea tlokotsi,+ ’me pelo e bohlale e tla tseba nako le kahlolo.+  Etsoe ho na le nako le kahlolo esita le bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe,+ hobane tlokotsi ea moloko oa batho e khōlō.+  Etsoe ha ho ea tsebang se tlang ho ba teng,+ hobane ke mang ea ka mo bolellang hore na ha e le hantle se tla ba teng joang?  Ha ho na motho ea nang le matla holim ’a moea ho thibela moea;+ kapa hore ho na le matla leha e le afe a ho laola letsatsing la ho shoa;+ kapa hore ho na le ho lokolloa leha e le hofe ntoeng.+ Bokhopo bo ke ke ba pholosa ba inehellang bona.+  Sena sohle ke se bone, ’me ke ile ka nehela pelo ea ka mosebetsing o mong le o mong o entsoeng tlas’a letsatsi, nakong eo ka eona motho a busitseng motho ho mo ntša kotsi.+ 10  Empa, le hoja ho le joalo, ke bone ba khopo ba ntse ba patoa,+ kamoo ba keneng kateng le kamoo ba neng ba tloha sebakeng se halalelang+ le ho lebaloa motseng oo ho oona ba ileng ba etsa ka tsela eo.+ Sena le sona ke lefeela. 11  Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako,+ ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.+ 12  Le hoja moetsalibe a ka etsa bobe+ ka makhetlo a lekholo ’me a tsoela pele ka nako e telele kamoo a ratang kateng, empa leha ho le joalo ke boetse kea hlokomela hore lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete,+ hobane ba ne ba mo tšaba.+ 13  Empa ho hang lintho li ke ke tsa tsamaea hantle ho ea khopo,+ leha e le hore o tla lelefatsa matsatsi a hae a joaloka moriti,+ hobane ha a tšabe Molimo.+ 14  Ho na le lefeela le etsoang lefatšeng, hore ho na le ba lokileng bao ho bona ho etsahalang joalokaha eka ke bakeng sa mosebetsi oa ba khopo,+ ’me ho na le ba khopo bao ho bona ho etsahalang joalokaha eka ke bakeng sa mosebetsi oa ba lokileng.+ Ke ile ka re sena le sona ke lefeela. 15  Ke ile ka babatsa thabo,+ hobane moloko oa batho ha o na letho le molemo tlas’a letsatsi ho feta ho ja le ho noa le ho thaba, le hore o fumane hoo mosebetsing oa oona o thata ka matsatsi a bophelo ba oona,+ boo Molimo oa ’nete a o fileng bona tlas’a letsatsi.+ 16  Tumellanong le sena ke ile ka sebelisa pelo+ ea ka ho tseba bohlale le ho bona mosebetsi o etsoang lefatšeng,+ hobane ho na le ea sa boneng boroko ka mahlo a hae, ebang ke motšehare kapa ke bosiu.+ 17  Ke ile ka bona mosebetsi oohle oa Molimo oa ’nete,+ kamoo moloko oa batho o sa khoneng ho fumana mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi;+ ho sa tsotellehe hore na moloko oa batho o tsoela pele ho sebetsa haholo hakae ho batla, empa leha ho le joalo ha o fumane.+ Hape esita le haeba ba ka re ba bohlale ka ho lekaneng ho tseba,+ ba ne ba ke ke ba khona ho fumana.+

Linaletsana