Matheu 14:1-36
14 Ka nako eo Heroda, ’musi oa setereke, a utloa tlaleho mabapi le Jesu+
2 ’me a re ho bahlanka ba hae: “Enoa ke Johanne Mokolobetsi. O tsositsoe bafung, ke ka lebaka lena mesebetsi e matla e sebetsang ka ho eena.”+
3 Etsoe Heroda o ne a ile a tšoara Johanne ’me a mo tlama le ho mo koalla chankaneng ka lebaka la Herodiase mosali oa Filipi mor’abo.+
4 Kaha Johanne o ne a ntse a re ho eena: “Ha ho lumelloe ke molao hore ebe u na le eena.”+
5 Leha ho le joalo, le hoja a ne a batla ho mo bolaea, o ne a tšaba bongata, hobane bo ne bo mo nka e le moprofeta.+
6 Empa ha ho ntse ho ketekoa letsatsi la tsoalo+ ea Heroda morali oa Herodiase a tjeka ’me a khahlisa Heroda haholo
7 hoo a ileng a tšepisa ka kano ho mo fa eng kapa eng eo a e kōpang.+
8 Joale eena, a laeloa ke ’m ’ae, a re: “Mphe mona ka mokeke hlooho ea Johanne Mokolobetsi.”+
9 Le hoja morena a ile a sareloa, ka lebaka la ho hlompha likano tsa hae le ba otlileng ka lehlakore le eena a laela hore e fanoe;+
10 eaba oa romeletsa ’me o etsa hore Johanne a khaoloe hlooho chankaneng.
11 Hlooho ea hae ea tlisoa ka mokeke ’me ea fuoa moroetsana, a e tlisa ho ’m ’ae.+
12 Qetellong barutuoa ba hae ba tla ’me ba tlosa setopo ba mo pata+ eaba baa tla ba tlalehela Jesu.
13 Ha Jesu a utloa sena a tloha moo ka sekepe ho ea sebakeng se thōko bakeng sa ho ea ba mong;+ empa, ha bongata bo utloa ka hona, ba mo latela ka maoto bo tloha metseng.
14 Joale ha a tsoa a bona bongata bo boholo; a bo hauhela,+ ’me a phekola ba kulang ba bona.+
15 Empa ha shoalane e tšoara barutuoa ba hae ba tla ho eena ’me ba re: “Sebaka sena se thōko ’me nako e se e ile haholo; e-re bongata bo tsamaee, e le hore bo ka kena metsaneng ’me bo ithekele lintho tse jeoang.”+
16 Leha ho le joalo, Jesu a re ho bona: “Ha boa lokela ho tloha: lōna bo feng se jeoang.”+
17 Ba re ho eena: “Ha re na letho mona haese mahobe a mahlano le litlhapi tse peli.”+
18 A re: “Li tliseng mona ho ’na.”
19 Ka mor’a moo a laela bongata hore bo otle ka lehlakore holim ’a joang ’me a nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tseo tse peli, ha a lelalla leholimong, a kōpa tlhohonolofatso+ ’me, ka mor’a ho qhetsola mahobe, a a abela barutuoa, barutuoa bona ba a abela bongata.+
20 Kahoo bohle ba ja ba khora, ’me ba nka lingoathoana tse setseng, libaskete tse leshome le metso e ’meli tse tletseng.+
21 Empa leha ho le joalo ba neng ba ja e ne e ka ba banna ba likete tse hlano, ntle ho basali le bana ba banyenyane.+
22 Joale, ntle ho tieho, a susumelletsa barutuoa ba hae hore ba palame sekepe ’me ba mo etelle pele ho ea ka lehlakoreng le leng, ha a sa ntse a re bongata bo tsamaee.+
23 Qetellong, ha a itse bongata bo tsamaee, a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela.+ Le hoja nako e ne e se e ile, o ne a le moo a le mong.
24 Ka nako ena sekepe se ne se le hōle ka limithara tse makholo-kholo ho tloha moo ho omileng, ba thatafalelitsoe ke maqhubu,+ hobane moea o ne o le khahlanong le bona.
25 Empa ka nako ea tebelo ea bone ea bosiu a tla ho bona, a tsamaea holim ’a leoatle.+
26 Ha ba re heli! ’me ba mo bona a tsamaea holim ’a leoatle, barutuoa ba khathatseha, ba re: “Ke pono ea mohlolo!”+ ’Me ba hoeletsa ke tšabo.
27 Empa hang-hang Jesu a bua le bona ka mantsoe ana: “E-bang sebete, ke ’na;+ le se ke la tšaba.”
28 Ha Petrose a araba a re ho eena: “Morena, haeba ke uena, ntaele hore ke tle ho uena holim ’a metsi.”
29 A re: “Tloo!” Kapele ka mor’a moo Petrose, a theoha sekepeng,+ a tsamaea holim ’a metsi ’me a leba ho Jesu.
30 Empa ha a sheba moea oa sefefo, a ba le tšabo ’me, ka mor’a ho qala ho teba, a hoeletsa: “Morena, mpholose!”
31 Kapele-pele ha Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara ’me a re ho eena: “Uena ea nang le tumelo e nyenyane, ke hobane’ng ha u ile ua itesella ho belaela?”+
32 Ka mor’a hore ba hloelle ka sekepeng, moea oa sefefo oa kokobela.
33 Joale ba ka sekepeng ba mo inamela, ba re: “Ka sebele u Mor’a Molimo.”+
34 Ba tšelela mose oane ’me ba tla naheng ea Genesarete.+
35 Ha banna ba sebaka seo ba mo hlokomela ba romeletsa hohle naheng eo e potolohileng, ’me batho ba mo tlisetsa bohle ba neng ba kula.+
36 Ba qala ho mo kōpa ka tieo hore ba mpe ba ame mophetho o litjellane oa seaparo sa hae sa ka ntle;+ ’me bohle ba ileng ba o ama ba folisoa ka ho feletseng.

