Liproverbia 21:1-31

21  Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova.+ O e retelletsa hohle moo a ratang.+  Tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea motho e lokile mahlong a hae,+ empa Jehova o lekanya lipelo.+  Ho etsa ho loka le kahlolo hoa rateha ho Jehova ho feta sehlabelo.+  Mahlo a ikhohomosang le pelo e ikakasang,+ lebone la ba khopo, ke sebe.+  Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo,+ empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.+  Ho fumana matlotlo ka leleme la bohata ke pululo e lelekoang,+ ho ba batlang lefu.+  Ho tlatlapa ha ba khopo ho tla ba hula,+ etsoe ba hanne ho etsa toka.+  Motho, esita le osele, o khopame tseleng ea hae;+ empa ea hloekileng o lokile mosebetsing oa hae.+  Ho molemo ho lula sekhutlong sa marulelo+ ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang, le hoja e le ka tlung e le ’ngoe.+ 10  Moea oa ea khopo o lakalitse se sebe;+ oa habo a ke ke a bontšoa mohau mahlong a hae.+ 11  Ho lefisa mosomi ho hlalefisa ea se nang phihlelo;+ ’me ka ho fa motho ea bohlale temohisiso motho o fumana tsebo.+ 12  Ea Lokileng o nahanela ntlo ea ea khopo,+ o lihela ba khopo tlokotsing ea bona.+ 13  Ha e le mang kapa mang ea thibang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa mohoo o belaelang oa ea tlaase,+ le eena o tla hooa ’me a ke ke a arajoa.+ 14  Mpho e fanoang sephiring e kokobetsa bohale;+ ’me tjotjo sefubeng,+ e kokobetsa khalefo e matla. 15  Ke thabo ho ea lokileng ho etsa toka,+ empa ho na le ho hong ho tšabehang bakeng sa ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+ 16  Ha e le motho ea hlahlathelang tseleng ea temohisiso,+ o tla lula phuthehong ea ba se nang matla lefung.+ 17  Ea ratang monyaka e tla ba motho ea hlokang;+ ea ratang veine le oli a ke ke a fumana maruo.+ 18  Ea khopo ke thekollo bakeng sa ea lokileng;+ ’me ea sebetsang ka bolotsana o nka sebaka sa ba lokileng.+ 19  Ho molemo ho lula lefeelleng ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang hammoho le khalefo.+ 20  Letlotlo le lakatsehang le oli li sebakeng sa bolulo sa ea bohlale,+ empa motho ea hlokang kelello o tla le metsa.+ 21  Ea phehellang ho loka+ le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.+ 22  Ea bohlale o hloele motse oa banna ba matla, e le hore a ka liha matla a kholiseho ea oona.+ 23  Ea bolokang molomo oa hae le leleme la hae o phemisa moea oa hae mahlomola.+ 24  Moithorisi ea iketelletsang pele, ea ikhopolang ho tlōla ke lebitso la ea etsang ka khalefo ea ho iketelletsa pele.+ 25  Takatso ea ea botsoa e tla mo bolaea, kaha matsoho a hae a hanne ho sebetsa.+ 26  Letsatsi lohle o iponahalitse a e-na le takatso e matla, empa ea lokileng oa fana ’me ha a timane ka letho.+ 27  Sehlabelo sa ba khopo ke ntho e manyala.+ Ho joalo hakaakang ha motho a se tlisa a e-na le boitšoaro bo hlephileng.+ 28  Paki e leshano e tla timela,+ empa motho ea mamelang o tla bua ka ho sa feleng.+ 29  Motho ea khopo o betefetse,+ empa ea lokileng o tla tiisa litsela tsa hae ka thata.+ 30  Ha ho bohlale, leha e le temoho efe kapa efe, kapa morero ofe kapa ofe o hanyetsang Jehova.+ 31  Pere ke ntho e lokisetsoang letsatsi la ntoa,+ empa poloko ke ea Jehova.+

Linaletsana