Johanne 3:1-36
3 Joale ho ne ho e-na le monna e mong oa Bafarisi, lebitso la hae e le Nikodemase,+ ’musi oa Bajuda.
2 A tla ho eena bosiu+ ’me a re ho eena: “Rabi,+ rea tseba hore uena joaloka mosuoe+ u tlile u tsoa ho Molimo;+ kaha ha ho ea ka etsang lipontšo+ tsena tseo u li etsang ntle leha Molimo a e-na le eena.”+
3 Ha Jesu a araba a re ho eena:+ “Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape,+ a ke ke a bona ’muso oa Molimo.”+
4 Nikodemase a re ho eena: “Ke joang motho a ka tsoaloang ha a le moholo? A ke ke a kena ka pōpelong ea ’m ’ae ka lekhetlo la bobeli ’me a tsoaloa, na ha ho joalo?”
5 Jesu a araba: “Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe ka metsi+ le ka moea,+ a ke ke a kena ’musong oa Molimo.
6 Se tsoetsoeng ka nama ke nama, ’me se tsoetsoeng ka moea ke moea.+
7 U se ke ua hlolloa hobane ke u boleletse, Le tsoaloe hape.+
8 Moea+ o fokela moo o batlang, ’me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe hore na o tsoa hokae le hore na o ea hokae. Ho joalo ka e mong le e mong ea tsoetsoeng ka moea.”+
9 Ha Nikodemase a araba a re ho eena: “Lintho tsee li ka etsahala joang?”
10 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Na u mosuoe oa Iseraele ’me leha ho le joalo ha u tsebe lintho tsee?+
11 Kannete-nete ke re ho uena, Seo re se tsebang rea se bua ’me seo re se boneng re paka ka sona, empa lōna ha le amohele bopaki+ boo re fanang ka bona.+
12 Haeba ke le boleletse lintho tsa lefatše ’me leha ho le joalo le sa lumele, le tla lumela joang haeba ke le bolella lintho tsa leholimo?+
13 Ho feta moo, ha ho motho ea nyolohetseng leholimong+ haese ea theohileng leholimong,+ Mor’a motho.+
14 ’Me feela joalokaha Moshe a ile a phahamisa noha+ lefeelleng, kahoo Mor’a motho o tla phahamisoa,+
15 e le hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a ka ba le bophelo bo sa feleng.+
16 “Etsoe Molimo o ratile+ lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora+ oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo+ ho eena a se ke a timetsoa+ empa a be le bophelo bo sa feleng.+
17 Etsoe Molimo o rometse Mora oa hae lefatšeng, eseng hore a ahlole+ lefatše, empa hore lefatše le pholosoe+ ka eena.
18 Ea bontšang tumelo ho eena a ke ke a ahloloa.+ Ea sa bontšeng tumelo o se a ahlotsoe, hobane ha aa bontša tumelo lebitsong la Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.+
19 Joale ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli+ le tlile lefatšeng+ empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli,+ kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo.
20 Etsoe ea tloaetseng ho etsa lintho tse mpe+ o hloile leseli ’me ha a tle leseling, e le hore mesebetsi ea hae e se ke ea khalemeloa.+
21 Empa ea etsang ’nete o tla leseling,+ e le hore mesebetsi ea hae e ka bonahatsoa e le e sebelitsoeng tumellanong le Molimo.”
22 Ka mor’a lintho tsena Jesu le barutuoa ba hae ba kena naheng ea Judea, ’me a qeta nako e itseng moo le bona a kolobetsa.+
23 Empa Johanne+ le eena o ne a kolobetsa Aenone haufi le Salime, hobane ho ne ho e-na le metsi+ a mangata moo, ’me batho ba ’na ba tla ’me ba kolobetsoa;+
24 kaha Johanne o ne a e-s’o lahleloe chankaneng.+
25 Ka hona ha tsoha phehisano har’a barutuoa ba Johanne le Mojuda e mong malebana le tlhoekiso.+
26 Kahoo ba tla ho Johanne ’me ba re ho eena: “Rabi, motho ea neng a e-na le uena ka mose ho Jordane, eo u mo paketseng,+ bona, oa kolobetsa ’me bohle ba ea ho eena.”+
27 Ha Johanne a araba a re: “Motho a ke ke a amohela ntho le e ’ngoe ntle leha a e filoe ho tsoa leholimong.+
28 Lea mpakela hore ke itse, ha ke Kreste,+ empa, ke rometsoe ka pel’a eo.+
29 Ea nang le monyaluoa ke monyali.+ Leha ho le joalo, motsoalle oa monyali, ha a ema ’me a mo utloa, o ba le thabo e khōlō ka lebaka la lentsoe la monyali. Ka hona thabo ena ea ka e tlatsitsoe.+
30 Eo o tla tsoela pele ho eketseha, empa ’na ke tla tsoela pele ho fokotseha.”
31 Ea tsoang holimo o okametse ba bang kaofela.+ Ea tsoang lefatšeng o tsoa lefatšeng ’me o bua ka lintho tsa lefatše.+ Ea tsoang leholimong o okametse ba bang kaofela.+
32 O paka+ seo a se boneng le ho se utloa empa ha ho motho ea amohelang bopaki+ ba hae.
33 Ea amohetseng bopaki ba hae o behile tiiso ea hae ho bona hore Molimo ke oa ’nete.+
34 Etsoe eo Molimo a mo rometseng o bua lipolelo tsa Molimo,+ kaha ha a fane ka moea ka tekanyo.+
35 Ntate o rata+ Mora ’me o fane ka lintho tsohle letsohong+ la hae.
36 Ea bontšang tumelo+ ho Mora o na le bophelo+ bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo,+ empa khalefo ea Molimo e sala holim ’a hae.+

