Esthere 1:1-22

1  Joale eitse matsatsing a Assueruse,+ ke hore, Assueruse ea neng a busa e le morena ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinseng tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng,+  matsatsing ao ha Morena Assueruse a lutse holim ’a terone ea hae ea borena,+ e neng e le Shushane+ qhobosheaneng,+  selemong sa boraro sa ho busa ha hae a tšoara mokete+ bakeng sa likhosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae, lebotho la sesole la Persia+ le Media,+ marena+ le likhosana tsa liprofinse tsa hae,+  ha a ne a bonahatsa maruo+ a ’muso oa hae o khanyang le tlhompho+ le botle ba boholo ba hae ka matsatsi a mangata, matsatsi a lekholo le mashome a robeli.  Ha matsatsi ana a phethahetse, morena a tšoara mokete ka matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba fumanoa Shushane qhobosheaneng, bakeng sa ba baholo hammoho le ba banyenyane, lebaleng la serapa sa ntlo ea ’muso ea morena.  Ho ne ho e-na le line, k’hothone ea boleng bo botle le e putsoa+ li tlameletsoe liropong tsa lesela la boleng bo botle, le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu+ masaleng a silevera le litšieeng tsa ’mabole, litulo tse kang bethe+ tsa khauta le silevera holim ’a sebaka se katiloeng ka pofiri le ’mabole le perela le ’mabole o motšo.  Ho ne ho fetisoa veine hore ho noeloe lijaneng tsa khauta;+ lijana li ne li fapane, ’me veine ea borena+ e ne e le ngata haholo, ho ea ka leruo la morena.  Ha e le ka nako ea ho noa ho ea ka molao, ho ne ho se ea qobellang, etsoe ke tsela eo morena a neng a lokiselitse ka eona bakeng sa monna e mong le e mong e moholo ho ba ntlo ea hae, ho etsa ho ea ka ho rata ha e mong le e mong.  Hape, Mofumahali Vashti+ a tšoarela basali mokete ka tlung ea borena ea Morena Assueruse. 10  Ka letsatsi la bosupa, ha pelo ea morena e nyakaletse ke veine,+ o ile a re Mehumane, Biztha, Harbona,+ Bigtha le Abagtha, Zethare le Karkase, balaoli ba supileng ba lekhotla ba neng ba sebeletsa+ Morena Assueruse, 11  ba tlise Mofumahali Vashti ka pel’a morena a roetse moqhaka, bakeng sa ho bontša lichaba le likhosana botle ba hae; etsoe o ne a e-na le ponahalo e ntle.+ 12  Empa Mofumahali Vashti a ’na a hana+ ho tla ka taelo ea morena e ileng ea fetisoa ka balaoli ba lekhotla. Eaba morena o halefa haholo ’me khalefo ea hae ea tuka ka hare ho eena.+ 13  Morena a re ho banna ba bohlale+ ba nang le tsebo ea linako+ (etsoe ka tsela ena taba ea morena e ne e tlisoa ka pel’a bohle ba neng ba rutehile haholo molaong le linyeoeng, 14  ’me ba neng ba le haufi haholo le eena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarshishe, Merese, Marsena, le Memukane, likhosana tse supileng+ tsa Persia le Media, tse khonang ho kena ho morena,+ le tse neng li lutse boemong ba pele ’musong): 15  “Ho tla etsoa eng ka Mofumahali Vashti ho ea ka molao hobane ha aa phetha polelo ea Morena Assueruse ka balaoli ba lekhotla?” 16  Eaba Memukane+ o re ka pel’a morena le likhosana: “Mofumahali Vashti ha aa fosetsa morena feela,+ empa o foselitse le likhosana tsohle le lichaba tsohle tse liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse. 17  Etsoe taba ea mofumahali e tla fihla ho basali bohle hoo mahlong a bona ba tlang ho nyelisa+ beng+ ba bona, ha ba re, ‘Morena Assueruse o itse Mofumahali Vashti a tlisoe ka pel’a hae, ’me ha aa ka a kena.’ 18  Letsatsing lena likhosatsana tsa Persia le Media, tse utloileng taba ea mofumahali, li tla bua le likhosana tsohle tsa morena, ’me ho tla ba le nyeliso e ngata le khalefo.+ 19  Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena,+ lentsoe la borena le ke le tsoe ho eena, ’me le ngoloe har’a melao+ ea Persia le Media, e le hore le se ke la fetoloa,+ hore Vashti a se ke a kena ka pel’a Morena Assueruse; ’me boholo ba hae bo hlomphehang ba bofumahali morena a ke a bo fe motsoalle oa hae, mosali ea molemo ho mo feta. 20  Molao-taelo oa morena oo a tlang ho o etsa o tla utluoa sebakeng sohle se pusong ea hae (etsoe se seholo), ’me basali bohle ba tla hlompha beng+ ba bona,+ ba baholo hammoho le ba banyenyane.” 21  Ntho ena e ne e khahlisa mahlong a morena+ le likhosana, eaba morena o etsa ho ea ka lentsoe la Memukane. 22  Kahoo a romela litokomane tse ngotsoeng+ liprofinseng tsohle tsa morena, profinseng+ ka ’ngoe ho ea ka mokhoa oa eona oa ho ngola le ho sechaba ka seng ka leleme la sona, bakeng sa hore monna e mong le e mong a sebetse ka ho tsoelang pele e le khosana ka tlung ea hae+ le ho bua ka leleme la batho ba habo.

Linaletsana