Baroma 13:1-14

13  Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a+ balaoli ba phahameng,+ kaha ha ho na bolaoli+ haese ka Molimo;+ balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo+ maemong a bona a lekanyelitsoeng.+ 2  Ka hona ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo; ba leng khahlanong le eona ba tla iphumanela kahlolo.+ 3  Kaha ba busang ba tšajoa ketsong e mpe, eseng ho e molemo.+ Joale, na u batla hore u se ke ua tšaba bolaoli? U ’ne u etse molemo,+ ’me u tla fumana thoriso e tsoang ho bona; 4  etsoe ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong+ oa hao. Empa haeba u etsa se sebe,+ u be tšabong: kaha hase ntle ho morero bo jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi+ ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe. 5  Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo+ a lōna. 6  Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha ke bahlanka+ ba Molimo sechabeng bao kamehla ba sebeletsang morero oona ona. 7  Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho;+ ea batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba; ea batlang tšabo, le mo fe tšabo+ e joalo; ea batlang tlhompho, le mo fe tlhompho e joalo.+ 8  Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe,+ haese ho ratana;+ kaha ea ratang oa habo o phethahalitse molao.+ 9  Etsoe molao o reng, “U se ke ua feba,+ U se ke ua bolaea,+ U se ke ua utsoa,+ U se ke ua chacheha ka mohono,”+ le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”+ 10  Lerato+ ha le hlahisetse moahelani+ oa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ea molao.+ 11  Etsang sena, hape, hobane le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe+ borokong, kaha joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli.+ 12  Bosiu bo se bo ile haholo; letsatsi+ le atametse. Ka hona a re hloboleng mesebetsi ea lefifi+ ’me re apareng lihlomo+ tsa leseli. 13  Joaloka motšehare a re tsamaeeng ka mokhoa o hlomphehang,+ eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahoa,+ eseng ho kopaneleng liphate ho haneloang le boitšoarong bo hlephileng,+ eseng ho qabaneng+ le poulelong. 14  Empa le apare Morena Jesu Kreste,+ ’me le se ke la rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.+

Linaletsana