Bagalata 4:1-31
4 Joale ke re hafeela mojalefa e sa le ngoana ho hang ha aa fapana le lekhoba,+ le hoja e le morena oa lintho tsohle,
2 empa o tlas’a banna ba ikarabellang+ le tlas’a batsamaisi ho fihlela ka letsatsi leo ntat’ae a le behileng esale pele.
3 Ka ho tšoanang le rōna, ha re ne re le bana, re ile ra tsoela pele re entsoe makhoba ke lintho tsa motheo+ tsa lefatše.
4 Empa ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla,+ Molimo o ile a romela Mora oa hae,+ ea tsoileng ho mosali+ le ea bileng tlas’a molao,+
5 e le hore ka theko+ a ka lokolla ba tlas’a molao,+ e le hore le rōna re ka amohela ho nkeloa ka lapeng re le bara.+
6 Joale kahobane le bara, Molimo o rometse moea+ oa Mora oa hae ka lipelong tsa rōna ’me oa hoeletsa: “Abba, Ntate!”+
7 Kahoo, joale, ha u sa le lekhoba empa u mora; ’me haeba u mora, u boetse u mojalefa ka Molimo.+
8 Leha ho le joalo, ha le ne le sa tsebe Molimo,+ joale le ile la ba makhoba a bao ka tlhaho e seng melimo.+
9 Empa kaha joale le tseba Molimo, kapa ho e-na le hoo kaha joale le tsejoa ke Molimo,+ ho tla joang hore le khutlele hape linthong tse fokolang+ le tse futsanehileng tsa motheo+ ’me le batle ho ba makhoba a tsona hape?+
10 Le boloka ka hloko matsatsi+ le likhoeli+ le linako le lilemo.
11 Ke tšohile ka lebaka la lōna, hore ka tsela e itseng ke sehlile ntle ho morero+ mabapi le lōna.
12 Barab’eso, kea le kōpa, Le be kamoo ke leng kateng,+ hobane le ’na ke ne ke le kamoo le leng kateng.+ Ha lea mphosetsa ka letho.+
13 Empa lea tseba hore ke ile ka le bolella litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng.+
14 Seo e neng e le teko ho lōna nameng ea ka, ha lea ka la se eisa kapa la se tšoela ka mathe ka ho nyonya; empa le ile la nkamohela joaloka lengeloi+ la Molimo, joaloka Kreste Jesu.+
15 Joale, e kae thabo eo le neng le e-na le eona?+ Etsoe kea le pakela hore, hoja ho ne ho khoneha, le ka be le hontse mahlo a lōna eaba le mpha ’ona.+
16 Joale, he, na ke fetohile sera+ sa lōna hobane ke le bolella ’nete?+
17 Ba le batla ka cheseho,+ eseng ka tsela e ntle, empa ba batla ho le arohanya le ’na, e le hore le ka ba batla ka cheseho.+
18 Leha ho le joalo, ho hotle hore le batloe ka cheseho ho se setle+ ka linako tsohle, eseng feela ha ke le teng+ ho lōna,
19 bana ba ka ba banyenyane,+ bao ke boetseng ke leng bohlokong ba pelehi ke bona ho fihlela Kreste a bōptjoa ho lōna.+
20 Empa ke ne nka lakatsa ho ba teng ho lōna hona joale+ le ho bua ka tsela e fapaneng, hobane ke tsielehile+ ka lebaka la lōna.
21 Mpolelleng, lōna ba batlang ho ba tlas’a molao,+ Na ha le utloe Molao?+
22 Ka mohlala, ho ngoliloe hore Abrahama o ile a fumana bara ba babeli, e mong ka lekhabunyane+ ’me e mong ka mosali ea lokolohileng;+
23 empa ha e le hantle oa lekhabunyane o ile a tsoaloa ka mokhoa oa nama,+ oa mosali ea lokolohileng a tsoaloa ka tšepiso.+
24 Lintho tsena ke ketsahalo e tšoantšetsang;+ etsoe basali bana ba bolela lilekane tse peli,+ sa Thabeng ea Sinai,+ se hlahisang bana ba bokhoba, seo hape e leng Hagare.
25 Joale Hagare enoa o bolela Sinai,+ thaba e Arabia, ’me o tšoana le Jerusalema kajeno, kaha o bokhobeng+ le bana ba hae.
26 Empa Jerusalema+ oa holimo o lokolohile, ’me ke ’m ’a rōna.+
27 Kaha ho ngoliloe: “Thaba, uena nyopa e sa beleheng; tlerola ’me u hoeletse haholo, uena mosali ea se nang bohloko ba pelehi; etsoe bana ba mosali ea lahliloeng ba bangata ho feta ba ea nang le monna.”+
28 Joale rōna, barab’eso, re bana ba tšepiso joalokaha ho ne ho le joalo ka Isaka.+
29 Empa feela joalokaha nakong eo ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa nama a ile a qala ho hlorisa+ ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa moea, ho joalo le hona joale.+
30 Leha ho le joalo, Lengolo le re’ng? “Leleka lekhabunyane le mora oa lona, kaha ho hang mora oa lekhabunyane e ke ke ea e-ba mojalefa le mora oa mosali ea lokolohileng.”+
31 Ka lebaka leo, barab’eso, ha re bana ba lekhabunyane,+ empa re bana ba mosali ea lokolohileng.+

