Baahloli 12:1-15

12  Joale banna ba Efraime ba bokelloa ’me ba tšelela ka nģ’a leboea ’me ba re ho Jafeta: “Ke hobane’ng ha u ile ua tšela ho ea loantša bara ba Ammone, ’me ua se ke ua re hlabela mokhosi oa ho ea le uena?+ Ntlo ea hao re tla e cheselletsa ka mollo holim ’a hao.”+ 2  Empa Jafeta a re ho bona: “Ke bile mopheha-khang ea khethehileng, ’na le batho ba heso, le bara ba Ammone.+ ’Me ke ile ka hoeletsa ho lōna ho kōpa thuso, ’me ha lea ka la mpholosa letsohong la bona. 3  Ha ke bona hore ha le bapholosi, joale ke ile ka etsa qeto ea ho beha moea oa ka seatleng+ sa ka le ho futuhela bara ba Ammone.+ Eaba Jehova o nehelana ka bona letsohong la ka. Kahoo ke hobane’ng ha le mphutuhetse letsatsing lee ho ntoantša?” 4  Kapele-pele Jafeta a phutha+ banna bohle ba Gileade ’me a loantša Baefraime; banna ba Gileade ba qala ho bolaea Baefraime, kaha ba ne ba itse: “Lōna Bagileade, ke lōna batho ba balehileng ho Efraime, ka hare ho Efraime, ka hare ho Manase.” 5  Bagileade ba hapa maliboho a Jordane+ pele ho Efraime; ’me e ne e re ha banna ba balehang ba Efraime ba re: “Ntumelle hore ke fete,” joale banna ba Gileade ba ne ba re ho e mong le e mong: “Na u Moefraime?” Ha a ne a re: “Che!” 6  joale ba ne ba re ho eena: “Ka kōpo e-re Shibolethe.”+ ’Me o ne a re: “Sibolethe,” kaha o ne a sa khone ho bitsa lentsoe leo ka mokhoa o nepahetseng. ’Me ba ne ba mo tšoara le ho mo bolaela malibohong a Jordane. Kahoo nakong eo ha oa ba likete tse mashome a mane a metso e ’meli ba tsoang Efraime.+ 7  Jafeta a tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse tšeletseng, ka mor’a moo Jafeta Mogileade a shoa ’me a patoa motseng oa habo oa Gileade. 8  Ibzane ea tsoang Bethlehema+ a qala ho ahlola Baiseraele ka mor’a hae.+ 9  A ba le bara ba mashome a mararo le barali ba mashome a mararo. A romeletsa ka ntle eaba o tlisetsa bara ba hae barali ba mashome a mararo ba tsoang ka ntle. A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse supileng. 10  Joale Ibzane a shoa ’me a patoa Bethlehema. 11  Ka mor’a hae Elone Mozabulone+ a qala ho ahlola Baiseraele. A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse leshome. 12  Joale Elone Mozabulone a shoa ’me a patoa Ajalone naheng ea Zabulone. 13  Ka mor’a hae Abdone mora oa Hilele Mopirathone+ a qala ho ahlola Baiseraele. 14  A ba le bara ba mashome a mane le litloholo tse mashome a mararo ba neng ba palama liesele+ tse mashome a supileng tse hōlileng ka ho feletseng. A tsoela pele ho ahlola Baiseraele ka lilemo tse robeli. 15  Joale Abdone mora oa Hilele Mopirathone a shoa ’me a patoa Pirathone naheng ea Efraime thabeng ea Moamaleke.+

Linaletsana