2 Petrose 1:1-21

1  Simone Petrose, lekhoba+ le moapostola+ oa Jesu Kreste, ho ba fumaneng tumelo, eo e leng tokelo e lekanang le ea rōna,+ ka ho loka+ ha Molimo oa rōna le Mopholosi Jesu Kreste:+  E se eka le ka ekeletsoa+ mosa o sa tšoanelang le khotso ka tsebo e nepahetseng+ ea Molimo le ea Jesu Morena oa rōna,  joalokaha matla a hae a bomolimo a re file ka bolokolohi lintho tsohle tse malebana le bophelo+ le boinehelo ba bomolimo,+ ka tsebo e nepahetseng ea ea re bitsitseng+ ka khanya+ le bokhabane.  Ka lintho tsena o re file ka bolokolohi litšepiso tsa bohlokoa le tse khōlō haholo,+ e le hore ka tsona le ka ba le karolo sebōpehong+ sa bomolimo,+ le phonyohile ho boleng ho leng lefatšeng+ ka takatso e feteletseng.  E, ka lebaka lona lena, ka ho tlatsetsa ha lōna ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng,+ tumelong ea lōna le eketse bokhabane,+ bokhabaneng ba lōna le eketse tsebo,+  tsebong ea lōna le eketse boitšoaro, boitšoarong+ ba lōna le eketse mamello, mamellong ea lōna le eketse boinehelo ba bomolimo,+  boinehelong ba lōna ba bomolimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lōna bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato.+  Etsoe haeba lintho tsena li le teng ho lōna ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng+ mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.  Etsoe haeba lintho tsena li le sieo ho mang kapa mang, o foufetse, o koalla mahlo a hae leseli,+ ’me o fetohile ea lebalang+ ho hloekisoa+ ha hae libeng tsa hae tsa khale. 10  Ka lebaka lena, barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lōna ho itiisetsa ho bitsoa+ le ho khethoa+ ha lōna; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hlōleha le ka mohla.+ 11  Ha e le hantle, ka tsela ena le tla ekeletsoa ka ho enneng ho kena+ ’musong o sa feleng+ oa Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.+ 12  Ka lebaka lena kamehla ke tla le hopotsa+ lintho tsena, le hoja le li tseba ’me le tsepame ’neteng+ e teng ho lōna.+ 13  Empa ke ho nka ho nepahetse, hafeela ke le tabernakeleng+ ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa,+ 14  joalokaha ke hlile ke tseba hore ho tlosoa ha tabernakele ea ka ho tla tloha ho etsahala,+ feela joalokaha le Morena oa rōna Jesu Kreste a ile a mpontša.+ 15  Kahoo ke tla etsa sohle se matleng a ka le ka linako tsohle e le hore, ka mor’a hore ke tlohe,+ le ka khona ho bolela lintho tsena bakeng sa lōna. 16  Che, ha rea ka ra le tsebisa matla le ho ba teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste+ ka ho latela lipale tsa bohata+ tse qapiloeng ka bomene-mene, empa ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang.+ 17  Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya,+ ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: “Enoa ke mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.”+ 18  E, re ile ra utloa+ mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.+ 19  Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta+ le tiisitsoeng haholoanyane;+ ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone+ le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso+ e hlaha, ka lipelong tsa lōna. 20  Etsoe le tseba sena pele, hore ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho.+ 21  Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho,+ empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo+ ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.+

Linaletsana