2 Marena 21:1-26

21  Manase+ o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hefziba.  A etsa se sebe mahlong+ a Jehova, ho ea ka lintho tse manyala tsa lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.  Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li sentse,+ eaba o emisetsa Baale lialetare ’me o etsa palo e halalelang, feela joalokaha Akabe+ morena oa Iseraele a ne a entse; a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ ’me a a sebeletsa.+  A haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a neng a itse mabapi le eona: “Ke tla beha lebitso+ la ka Jerusalema.”  A tsoela pele ho hahela makhotla ’ohle a maholimo+ lialetare mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova.+  A fetisa mora oa hae mollong,+ ’me a sebelisa boselamose+ ’me a batla lipontšo tsa se tlang ’me a etsa hore ho be le ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.  Ho ekelletsa moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng sa palo e halalelang seo a neng a se entse ka tlung+ eo ka eona Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+  Ha ke sa tla boela ke etsa hore maoto a Baiseraele a hlahlathele ho tloha naheng eo ke e fileng baholo-holo+ ba bona, haeba feela ba hlokomela ho etsa ho ea ka sohle seo ke ba laetseng sona,+ esita le malebana le molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a ba laetseng oona.”  Ha baa ka ba mamela,+ empa Manase a ’na a ba eka hore ba etse se sebe+ ho feta lichaba+ tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele. 10  Jehova a ’na a bua ka bahlanka ba hae baprofeta,+ a re: 11  “Ka lebaka la hore Manase+ morena oa Juda o entse lintho tsena tse manyala,+ o entse bokhopo ho feta sohle seo Baamore+ ba bileng teng pele ho eena ba se entseng, ’me o entse hore esita le Bajuda ba etse sebe+ ka litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang. 12  Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa Iseraele a boletseng sena, ‘Bonang! ke tlisa tlokotsi holim ’a Jerusalema+ le Juda, eo haeba mang kapa mang a utloa ka eona litsebe tsa hae ka bobeli li tlang ho hlohlona.+ 13  Ka sebele ke tla otlolla holim ’a Jerusalema khoele+ e lekanyang e sebelisitsoeng ho Samaria+ le kofuto e tsitsisang e sebelisitsoeng ntlong ea Akabe;+ ke tla hlakola+ Jerusalema feela joalokaha motho a hlakola sekotlolo se se nang mohele, a se hlakola ’me a se ribeha.+ 14  Ka sebele ke tla furalla masala+ a lefa+ la ka ’me ke nehelane ka ’ona matsohong a lira tsa ’ona, ’me a tla fetoha se tlatlapuoeng le se nkiloeng ka mahahapa ho lira tsohle tsa ’ona,+ 15  ka lebaka la hore a entse se sebe mahlong a ka ’me a ne a ntšiteloa ka ho tsoelang pele ho tloha letsatsing leo baholo-holo ba ’ona ba tsoileng Egepeta ho fihlela letsatsing lena.’”+ 16  Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ 17  Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Manase le tsohle tseo a li entseng le sebe sa hae seo ka sona a ileng a sitoa, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 18  Qetellong Manase a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa serapeng sa ntlo ea hae, serapeng sa Uza;+ mora oa hae Amone a qala ho busa sebakeng sa hae. 19  Amone+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Meshulemethe morali oa Haruze ea tsoang Jotba. 20  O ile a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse.+ 21  A ’na a tsamaea tseleng eohle eo ntat’ae a neng a tsamaile ka eona,+ ’me a tsoela pele ho sebeletsa litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang tseo ntat’ae a neng a li sebelelitse ’me a li inamela. 22  Kahoo a tlohela Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba hae, ’me ha aa ka a tsamaea tseleng ea Jehova.+ 23  Qetellong bahlanka ba Amone ba mo rerela bolotsana ’me ba bolaela+ morena ka tlung ea hae. 24  Empa batho ba naha ba bolaea bohle ba reretseng Morena Amone bolotsana.+ Joale batho ba naha ba etsa mora oa hae Josiase+ morena sebakeng sa hae. 25  Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amone, seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 26  Kahoo ba mo pata lebitleng la hae serapeng sa Uza;+ mora oa hae Josiase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.

Linaletsana