2 Bakorinthe 6:1-18

6  Ha re sebetsa hammoho le eena,+ re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.+  Kaha o re: “Ke u utloile ka nako e amohelehang, ’me ka u thusa ka letsatsi la poloko.”+ Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng.+ Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.+  Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa,+ e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato;+  empa re ipuella+ ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella lintho tse ngata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata,+  ka likotlo, ka lichankana,+ ka ho hloka taolo, ka mesebetsi, ka ho se robale bosiu, ka ho se je ka linako tse itseng,+  ka tlhoeko, ka tsebo, ka tiisetso,+ ka mosa,+ ka moea o halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,+  ka puo ea ’nete, ka matla a Molimo;+ ka lihlomo+ tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letšehali,  ka thoriso le tlhomphollo, ka tlaleho e mpe le tlaleho e ntle; joaloka bathetsi+ ’me leha ho le joalo re e-na le ’nete,  joaloka ba sa tsejoeng ’me leha ho le joalo re hlokomeloa,+ joaloka ba shoang ’me leha ho le joalo, bonang! rea phela,+ joaloka ba lauoang+ ’me leha ho le joalo re sa neheloe lefu,+ 10  joaloka ba sareloang empa re thabile kamehla, joaloka ba futsanehileng empa re ruisa ba bangata, joaloka ba se nang letho ’me leha ho le joalo re e-na le lintho tsohle.+ 11  Melomo ea rōna e le ahlametse, Bakorinthe, lipelo+ tsa rōna li atolohile. 12  Ha lea patisana ka ho rōna hoo ho seng sebaka,+ empa le patisane hoo ho seng sebaka leratong la lōna le mofuthu.+ 13  Kahoo, e le puseletso—ke bua joalokaha ho buuoa le bana+—le lōna, le atolohe. 14  Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.+ Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe?+ Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?+ 15  Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale?+ Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo+ efe le ea sa lumelang? 16  ’Me tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?+ Etsoe re tempele+ ea Molimo ea phelang; feela joalokaha Molimo a ile a re: “Ke tla lula har’a bona+ ’me ke tsamaee har’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”+ 17  “‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’”;+ “‘’me ke tla le amohela.’”+ 18  “‘Ke tla ba ntat’a lōna,+ ’me le tla ba bara le barali ba ka,’+ ho bolela Jehova ea Matla ’Ohle.”+

Linaletsana