1 Bakorinthe 2:1-16

2  Kahoo le ’na, ha ke tla ho lōna, barab’eso, ha kea ka ka tla ka puo+ kapa bohlale bo feteletseng ke le bolella sephiri se halalelang+ sa Molimo.  Etsoe ke ile ka etsa qeto ea ho se tsebe letho har’a lōna haese Jesu Kreste,+ le eena e le ea ileng a khokhotheloa thupeng.  Ke ile ka tla ho lōna ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e khōlō;+  ’me puo ea ka le seo ke ileng ka se bolela e ne e se ka mantsoe a susumetsang a bohlale empa ka bopaki ba moea le matla,+  e le hore tumelo ea lōna e se ke ea e-ba bohlaleng ba batho,+ empa e be matleng a Molimo.+  Joale re bua bohlale har’a ba hōlileng ka ho feletseng,+ empa eseng bohlale+ ba tsamaiso ena ea lintho kapa ba babusi ba tsamaiso ena ea lintho,+ bao e tla ba lefeela.+  Empa re bua bohlale ba Molimo sephiring se halalelang,+ bohlale bo patiloeng, boo Molimo a ileng a bo khetha esale pele pele ho litsamaiso+ tsa lintho bakeng sa khanya ea rōna.  Bohlale bona ha ho le ea mong oa babusi+ ba tsamaiso ena ea lintho ea bo tsebang,+ etsoe haeba ba ne ba bo tsebile ba ka be ba sa ka ba khokhothela thupeng+ Morena ea khanyang.  Empa feela joalokaha ho ngoliloe: “Leihlo ha lea bona le tsebe ha ea utloa, leha e le hore ho simolohile ka pelong ea motho lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang.”+ 10  Etsoe Molimo o re senoletse+ tsona ka moea oa hae,+ kaha moea+ o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng+ tsa Molimo. 11  Etsoe ke mang har’a batho ea tsebang lintho tsa motho haese moea+ oa motho o ho eena? Kahoo, hape, ha ho ea tsebang lintho tsa Molimo, haese moea+ oa Molimo. 12  Joale ha rea ka ra amohela moea+ oa lefatše, empa re amohetse moea+ o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.+ 13  Lintho tsena re boetse rea li bua, eseng ka mantsoe a rutoang ka bohlale+ ba motho, empa ka a rutoang ka moea,+ ha re kopanya litaba tsa moea le mantsoe a moea.+ 14  Empa motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena; ’me a ke ke a li tseba,+ hobane li hlahlojoa ka tsela ea moea. 15  Leha ho le joalo, motho oa moea+ o hlahloba lintho tsohle, empa eena ha a hlahlojoe+ ke motho leha e le ofe. 16  Etsoe “ke mang ea tsebang kelello ea Jehova,+ e le hore a ka mo ruta?”+ Empa re fela re e-na le kelello+ ea Kreste.

Linaletsana