Re Kgotsofale
Daonlouda:
1. Dintho tsohle tse kgadisang
Tseo re di bonang mona lefatsheng,
Di tla re tlisetsa mathata
Haeba re di lelekisa.
(KHORASE)
Jehova o re:
‘Ke a tseba le hlokang.’
Re kgotsofale, re tla thaba.
Re kgotsofale
Hoba re a mo tshepa.
Re kgotsofale, re tla thaba.
2. Re na le moo re dulang,
Dijo le diaparo.
Haeba re di kgotsofalletse,
Re tla ba le thabo le kgotso.
(KHORASE)
Jehova o re:
‘Ke a tseba le hlokang.’
Re kgotsofale, re tla thaba.
Re kgotsofale
Hoba re a mo tshepa.
Re kgotsofale, re tla thaba.
(BOROKGO)
Re tla hlo’nolofatswa.
Ke Ntate ya re ratang.
O tla re sireletsa,
A ke ke a re phoqa.
O’a re tshepahalla.
3. Ho kgotsofala ho tlisa thabo,
Ho etsa hore re imolohe.
Ha re hlobotse boima boo,
Re tla fa Jehova sohle.
(KHORASE)
Jehova o re:
‘Ke a tseba le hlokang.’
Re kgotsofale, re tla thaba.
Re kgotsofale
Hoba re a mo tshepa.
Re kgotsofale.
(KHORASE)
Jehova o re:
‘Ke a tseba le hlokang.’
Re kgotsofale, re tla thaba.
Re kgotsofale
Hoba re a mo tshepa.
Re kgotsofale, re tla thaba.

