Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mphe Sebete

Mphe Sebete

(2 Marena 6:16)

Downloada:

  1. 1. Letswalo le a nkotla.

    Ho hotsho moo ke yang.

    Empa Jah o a ntataisa;

    O tla nlwanela.

    Le ha ho le thata.

    Ke kgodisehile.

    O ke ke be wa mphuralla;

    O ntshireleditse.

    (KHORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle.

    O nthuse ke bone,

    hore ba bangata hakaakang,

    ’Hlakoreng la rona.

    A ko mphe sebete;

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete;

    O Ya Matla Ohle.

  2. 2. Re batho re’a tshoha.

    Re fellwa ke matla.

    Empa o lefika la ka;

    Ke wena ya hlolang.

    Ke kopa sebete,

    Ke se tshabe letho.

    Teronko kapa lebitla.

    Hase letho ho nna.

    (KHORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle.

    O nthuse ke bone,

    hore ba bangata hakaakang,

    ’hlakoreng la rona.

    A ko mphe sebete;

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete;

    O Ya Matla Ohle.

    (KHORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle.

    O nthuse ke bone,

    hore ba bangata hakaakang,

    ’hlakoreng la rona.

    A ko mphe sebete;

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete;

    O Ya Matla Ohle.

    Jehova, mphe sebete;

    O Ya Matla Ohle.