Sebedisa Nako Hantle
Daonlouda:
1. Bophelo bo tshwana le mohodi.
Re phela ka nakwana feela.
Lerato le bohlokwa haholo.
Re le bontshe bao re ba ratang ka mehla.
(KHORASE)
Re iphe nako ya ho ba le bao re ba ratang.
Re ba bontshe hore re’a ba tsotella.
Re se ke be ra nahana hore nako e teng,
Ha re tsebe tsa tsatsi le hlahlamang.
Re ba bolelle ka mehla hore ba ratwa haholo.
2. Ke sheba botle bo lefatsheng,
Ke bona rato la Jehova.
Ke batla ho mo fa phelo ba ka,
Ke mo sebeletse ka mehla le mehla.
(KHORASE)
Ha ke batle ho lebala ho bontsha lerato
Ho Modimo wa ka eo ke mo ratang.
Ha ke batle ho nahana hore nako e teng
Hoba ha ke tsebe tsa le hlahlamang.
Ke tla dula ke rapela, ke bua le Ntate wa ka.
(BOROKGO)
Qetellong re tla ba Paradeiseng.
Re tla hlo’nolofatswa.
Re tla ba le kgotso e sa feleng,
Re dule re thabile.
(KHORASE)
Ke tla dula ke hopola baratuwa ba ka,
Ke ba bontshe hore ke’a ba tsotella.
Ha ke batle ho nahana hore nako e ngata
Hoba ha ke batle ho ikwahlaya.
Nako ena e ntseng e setse, ke e sebedisa hantle.

