Mikea 7:1-20

  • Boitshwaro bo bobe ba Iseraele (1-6)

    • Motho o hlouwa ke ba lelapa la hae (6)

  • “Ke tla ba le mamello” (7)

  • Modimo o lwanela batho ba hae (8-13)

  • Mikea o rapela Modimo ebile o a mo rorisa (14-20)

    • Karabo ya Jehova (15-17)

    • ‘Na o teng Modimo ya tshwanang le Jehova?’ (18)

7  Ke hlomola pelo. Ke tshwana le mothoEo ka mora hore ho bokellwe ditholwana tsa lehlabulaLe eo ka mora hore ho thonakwe morara o setseng ka mora hore ho kotulwe,A sa fumaneng morara oo a ka o jangEbile a sa fumane le feie* e monate eo a e lakatsang.   Ya tshepahalang o fedisitswe lefatsheng. Ha ho na ya etsang dintho tse nepahetseng hara batho.+ Kaofela ha bona ba a ipata hore ba kgaoletse batho, ba ba bolaye.+ E mong le e mong o tsoma ngwanabo ka letlowa le hulwang.   Ba tseba ho etsa dintho tse mpe.+ Kgosana e batla ho fuwa dimpho,Moahlodi o kopa moputso,+Motho ya tummeng o a bua hore na o batlang+Ebe ba tla ka maqheka ba le mmoho.   Ya molemo ho ba feta o jwalo ka meutlwa,Ya lokileng ka ho fetisisa hara bona o kotsi ho feta dihlahla tse meutlwa. Letsatsi leo molebedi wa hao a buileng ka lona le letsatsi la hao la kahloloLe tla tla+ mme ba tla tshoha.+   O se ke wa tshepa motho eo o mo tlwaetsengKapa motswalle wa hao ya haufi.+ O ele hloko seo o se buang ho molekane wa hao.   Ka ha mora o tella ntate wa hae,Moradi o lwantsha mme wa hae+Le ngwetsi e lwantsha matsale wa yona.+ Motho o hlouwa ke ba lelapa la hae.+   Empa ha e le nna, ke tla dula ke letetse Jehova.+ Ke tla ba le mamello,* ke letele Modimo wa ka ya mpholosang.+ Modimo wa ka o tla nkutlwa.+   Sera sa ka, o se ke wa ntsheha. Le hoja ke wele, ke tla ema. Le hoja ke dula lefifing, Jehova e tla ba lesedi la ka.   Ke tla mamella bohale ba JehovaKa ha ke mo sitetswe.+ Ke tla bo mamella ho fihlela a buella nyewe ya ka mme ke ahlolwa ka toka. O tla ntlisa leseding. Ke tla bona ka moo a lokileng ka teng. 10  Sera sa ka le sona se tla bona seo. Ya ileng a re ho nna: “O kae Jehova Modimo wa hao?”+ O tla hlajwa ke dihlong. Ke tla sheba sera sa ka. Se tla hatakelwa jwalo ka seretse seterateng. 11  E tla ba letsatsi la hore le hahe marako a lona a majwe. Letsatsing leo, moedi wa naha ya lona o tla eketswa.* 12  Letsatsing leo, ba tla tla ho lonaHo tswa Asiria le metseng ya Egepeta,Ho tswa Egepeta ho ya fihla Nokeng.* Ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng le ho tloha thabeng e nngwe ho ya ho e nngwe.+ 13  Naha e tla sala e se na baahi ka lebaka la batho ba dulang ho yona,Ka lebaka la seo ba se entseng.* 14  Modimo, disa batho ba hao ka lere la hao e leng mohlape wa hao,*+O neng o dula o le moo morung hara difate tsa ditholwana. O ke o fule Bashane le Gileade+ jwalo ka mehleng ya kgale. 15  “Ke tla ba bontsha dintho tse hlollangJwalo ka nakong eo ba neng ba tswa naheng ya Egepeta.+ 16  Ditjhaba di tla bona mme di hlajwe ke dihlong le hoja di le matla.+ Di tla beha matsoho melomong. Ditsebe tsa tsona di tla thibana. 17  Di tla nyeka lerole jwalo ka dinoha,*+Di tswe dibakeng tsa tsona tse sireletsehileng di thothomela jwalo ka dihahabi. Di tla tla ho Jehova Modimo wa rona di tshohileEbile di mo tshaba.”+ 18  Na o teng Modimo ya tshwanang le wena,Ya tshwarelang diphoso le ya lebalang melato+ ya ba setseng ba setjhaba sa Iseraele?+ Ha o dule o halefile,O thabela ho bontsha batho lerato.*+ 19  O tla boela a re hauhele+ mme a hlole* diphoso tsa rona jwalo ka dira. O tla lahlela dibe tsohle tsa bona botebong ba lewatle.+ 20  O tla tshepahalla Jakobo,O rate* AbrahamaJwalo ka ha o ikanne ho baholoholo ba rona mehleng ya kgale.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “feiga.”
Kapa: “Ke tla leta ka mamello.”
Kapa mohlomong: “taelo e tla ba hole.”
E leng ya Eufrate.
Ka Seheberu: “Ka lebaka la ditholwana tsa mesebetsi ya bona.”
Kapa: “lefa la hao.”
Kapa: “Di tla hlolwa.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “hatakele.”
Kapa: “bontshe lerato le tshepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.