Mikea 3:1-12

  • Baetapele le baprofeta ba a kgalemelwa (1-12)

    • Mikea o matlafatswa ke moya wa Jehova (8)

    • Baprista ba batla tjhelete hore ba rute (11)

    • Jerusalema e tla fetoha qubu ya majwe (12)

3  Ke ile ka re: “Ke kopa le mamele, lona dihlooho tsa ditloholo tsa JakoboLe lona baetapele ba setjhaba sa Iseraele.+ Na ha se mosebetsi wa lona ho tseba hore na toka keng?  2  Le hloile dintho tse ntle+ empa le rata tse mpe.+ Le ebola batho ba ka letlalo ebile le tlosa nama masapong a bona.+  3  Le boetse le ja nama ya batho ba ka+Ebile le ba ebola letlalo,Le roba masapo a bona+ le ho a silakanyaJwalo ka masapo le nama tse phehilweng ka pitseng.*  4  Ka nako eo, ba tla llela ho Jehova ba kopa thusoEmpa a ke ke a ba araba. O tla ba furalla+ Ka lebaka la diketso tsa bona tse mpe.+  5  Jehova o re ho baprofeta ba kgelosang batho ba hae,+Ba reng ‘Kgotso,’+ ha ba ena le seo ba ka se hlafunang+Empa ha motho a sa ba fe seo ba ka se hlafunang, ba a mo lwantsha:  6  ‘Bosiu bo tla fihla+ empa le ke ke la ba le pono.+ Ho tla ba lefifi mme le ke ke la kgona ho sebedisa bonohe. Letsatsi le tla dikella baprofeta,Ho be lefifi motshehare bakeng sa bona.+  7  Ba bonang dipono ba tla hlajwa ke dihlong+Le dinohe di tla swetseha. Kaofela ha bona ba tla ikwahela melomo*Ka ha Modimo ha a ba arabe.’”  8  Ha e le nna, ke na le matla ka lebaka la moya wa Jehova. O nthusa hore ke sebetse dintho ka toka ebile o mpha sebeteE le hore nka bolella Jakobo ka borabele ba hae le Iseraele ka sebe sa hae.  9  Ke kopa le mamele sena, lona dihlooho tsa ditloholo tsa JakoboLe lona baetapele ba setjhaba sa Iseraele,+Ba hloileng toka le ba fetolang dintho tse ntle hore e be tse mpe,+ 10  Ba hahang Sione ka ho bolaya batho le ba hahang Jerusalema ka ho etsa dintho tse sa lokang.+ 11  Baetapele* ba hae ba batla ho fuwa tjotjo hore ba ahlole,+Baprista ba hae ba batla tjhelete hore ba rute,+Baprofeta ba hae bona ba sebedisa bonohe hore ba fumane tjhelete.*+ Le ha ho le jwalo, ba tshepile Jehova* ba re: “Jehova o na le rona.+ Ha ho na tlokotsi e tla re hlahela.”+ 12  Ka lebaka la hao,Sione e tla lengwa jwalo ka tshimo,Jerusalema e fetohe qubu ya majwe+Mme thaba ya tempele* e tla tshwana le leralla le nang le difate.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “pitseng e kgolo.”
^ Kapa: “ditedu.”
^ Ka Seheberu: “Dihlooho.”
^ Kapa: “silevera.”
^ Kapa: “ba re ba tshepile Jehova.”
^ Ka Seheberu: “thaba ya Ntlo.”
^ Kapa: “dibaka tse phahameng tse morung.”