Jonase 3:1-10

  • Jonase o mamela Jehova mme o ya Ninive (1-4)

  • Baninive ba a baka ha ba utlwa molaetsa wa Jonase (5-9)

  • Modimo o etsa qeto ya hore a ke ke a fedisa motse wa Ninive (10)

3  Jonase a utlwa Jehova ka lekgetlo la bobedi a re:+ 2  “Ema, o ye Ninive+ motseng o moholo mme o phatlalatse molaetsa oo ke o bolellang wona.” 3  Jonase a ema mme a ya Ninive+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.+ Jwale Ninive e ne e le motse o moholo,* o ka tsamauwang ka maoto matsatsi a mararo. 4  Ka hoo, Jonase a kena motseng. Eitse ha a se a tsamaile sebaka se ka etsang letsatsi le le leng, a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a 40 feela, Ninive e tla fediswa.” 5  Batho ba Ninive ba ile ba dumela ho Modimo+ yaba ba phatlalatsa hore ho itingwe dijo mme ho aparwe lesela le hwashang,* ho tloha ho e moholo ho ya ho e monyenyane. 6  Ha morena wa Ninive a utlwa molaetsa, a ema teroneng ya hae mme a hlobola seaparo sa hae sa borena yaba o apara lesela le hwashang* mme o dula fatshe moloreng. 7  Ho feta moo, a laela hore motseng wohle wa Ninive ho phatlalatswe ho thwe: “Ho ya ka taelo ya morena le matona a hae, ha ho motho ya lokelang ho ja dijo kapa ho nwa metsi. Hape ha ho mohlape kapa diphoofolo tse lokelang ho ja dijo kapa ho nwa metsi. 8  Batho le diphoofolo ba ke ba apare lesela le hwashang.* Bohle ba ke ba ipiletse ho Modimo mme ba tlohele diketso tsa bona tse kgopo le ho lwana. 9  Ho tseba mang? Mohlomong Modimo wa nnete a ka hauha mme a kokobela bohale hore re se ke ra shwa.” 10  Ha Modimo wa nnete a bona seo ba se entseng le hore ba tlohetse diketso tsa bona tse kgopo,+ ha a ka a ba fedisa jwalo ka ha a ne a boletse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “motse o moholo ho Modimo.”