Jonase 2:1-10

  • Thapelo ya Jonase a le ka mpeng ya tlhapi (1-9)

  • Tlhapi e hlatsetsa Jonase lebopong la lewatle (10)

2  Jonase a rapela Jehova Modimo wa hae a le ka mpeng ya tlhapi+ 2  a re: “Ke ile ka hweletsa ho wena Jehova ke le mahlomoleng mme wa nkaraba.+ Ka hweletsa ho kopa thuso ke le tlase ka hara* Lebitla.*+ O ile wa utlwa lentswe la ka.  3  Ha o ntahlela tlase botebong ba lewatle,Metsi a ile a nkwahela.+ Metsi le maqhubu ohle a hao a ile a feta ka hodima ka.+  4  Yaba ke re, ‘O ntahletse hole le wena! Na ke tla boela ke bone tempele ya hao e halalelang?’  5  Metsi a ile a nkwahela mme bophelo ba ka ba eba kotsing,+Ka tebela tlase lewatleng. Ditlamatlama tsa nthatela hloohong.  6  Ka tebela tlase metsong ya dithaba. Mamati a lebitla* a nkwallela ruri. Empa wa nnyolla lebitleng* ke ntse ke phela, Jehova Modimo wa ka.+  7  Ha ke ne ke le makgatheng a lefu, Jehova ke yena eo ke ileng ka mo hopola.+ Yaba thapelo ya ka e fihla ho wena tempeleng ya hao e halalelang.+  8  Ba rapelang ditshwantsho ba furalla mohlodi wa lerato.*  9  Empa ha e le nna, ke tla o leboha ke be ke o etsetse sehlabelo. Ke tla phetha dikano tsa ka.+ Jehova ke yena feela Mopholosi.”+ 10  Ka mora nako, Jehova a laela tlhapi hore e hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “ka mpeng ya.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “lefatshe.”
^ Ka Seheberu: “lefatshe.”
^ Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa mohlomong: “ba kgaotsa ho tshepahala.”