Joele 3:1-21

  • Jehova o ahlola ditjhaba tsohle (1-17)

    • Kgohlo ya Josafate (2, 12)

    • Kgohlo ya kahlolo (14)

    • Jehova ke sebaka se sireletsehileng ho Iseraele (16)

  • Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae (18-21)

3  “Mehleng eo, ka yona nako eoHa ke kgutlisa batshwaruwa ba Juda le Jerusalema,+  2  Ke tla boela ke bokelle ditjhaba tsohle,Ke di theolele Kgohlong* ya Josafate.* Ke tla di ahlolela moo,+Ke di ahlolele dintho tseo di di entseng ho setjhaba sa ka sa IseraeleHobane di ile tsa hasanya BaiseraeleYaba di ikaba ka naha ya ka.+  3  Di lahla lotho hore di ikabe ka batho ba ka,+Di rekisa ngwana moshanyana e le hore di patale letekatse,Di rekisa wa ngwanana hore di reke veine di tle di nwe.  4  Lona Tire, Sidone le lona dibaka tsohle tsa Filistia,Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee? Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng yona? Na le a iphetetsa? Haeba ho jwalo,Ke tla iphetetsa ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.+  5  Ka ha le nkile silevera ya ka le kgauta ya ka,+La isa dintho tsa ka tsa bohlokwa ditempeleng tsa lona,  6  La rekisa baahi ba Juda le ba Jerusalema, la ba rekisetsa Bagerike+E le hore le ba ise hole le naha ya habo bona,  7  Ke tla ba lata moo le ba rekiseditseng teng,+Ke iphetetse ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.  8  Ke tla rekisetsa Bajuda bara ba hao le baradi ba hao,+Ba tla ba rekisetsa batho ba Sheba, batho ba dulang hole. Nna Jehova ke a le tiisetsa.  9  Phatlalatsang hohle ditjhabeng le re:+ ‘Itokisetseng ntwa. Bitsang banna ba matla. Atametsang masole e le hore a hlasele.+ 10  Etsang disabole ka mehoma ya lona, le etse marumo ka dikere tse kutang dimela. Motho ya fokolang a ke a re o matla. 11  Lona ditjhaba tsohle tse haufi, tloong le tlo thusa.’+ Jehova, romela batho ba hao ba matla* sebakeng seo. 12  Ditjhaba di ke di itokise, di theohele Kgohlong* ya JosafateHobane ke tla dula teng ke ahlole ditjhaba tsohle tse haufi.+ 13  Akgelang sekele hobane e se e le nako ya ho kotula. Tloong le tlo hatakela morara hobane sehatelo se tletse.+ Dinkgo tse kgakeletsang veine di tletse hobane bokgopo ba ditjhaba tseo bo bongata haholo. 14  Ditjhaba di se di le ka kgohlong* ya kahloloHobane haufinyane letsatsi la Jehova le tla tla kgohlong ya kahlolo.+ 15  Letsatsi le kgwedi di tla fifala,Dinaledi le tsona di tla fifala. 16  Jehova o tla bua ka lentswe le matla a le Sione,A hweletse a le Jerusalema. Lehodimo le lefatshe di tla reketlaEmpa Jehova e tla ba setshabelo ho batho ba hae,+E be sebaka se sireletsehileng ho bana ba Iseraele. 17  Le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona, ya dulang Sione, thabeng ya ka e halalelang.+ Jerusalema e tla ba sebaka se halalelang,+Baditjhaba ba ke ke ba hlola ba paroletsa le moo.+ 18  Letsatsing leo, dithabeng ho tla rotha veine e monate,+Ho phalle lebese maralleng,Dinokana di phalle metsi Juda. Ho tla ba le sediba ntlong ya Jehova,+Se tla nosetsa Kgohlo* ya Difate Tsa Leoka. 19  Egepeta yona e tla dula e se na baahi,+Edomo e fetohe dithakoHobane di ile tsa tshwara Bajuda hampe,+Bao naheng ya bona ho ileng ha bolawa batho ba se nang molato.+ 20  Juda e tla ba le baahiLe Jerusalema e be le baahi molokong o mong ka mora o mong.+ 21  Le hoja ke ne ke ba nka ba le molato, ke tla ba nka ba se molato,*+Nna Jehova ke tla dula Sione.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “Phuleng.”
^ E bolelang “Jehova ke Moahlodi.”
^ Kapa: “bahlabani.”
^ Kapa: “Phuleng.”
^ Kapa: “phuleng.”
^ Ka Seheberu: “ke tla nka madi a bona a se na molato.”