Joele 2:1-32

  • Letsatsi la Jehova le lebotho la hae le leholo (1-11)

  • Jehova o re batho ba kgutlele ho yena (12-17)

    • “Le bontshe hore le swabile ho tloha pelong” (13)

  • Jehova o araba batho ba hae (18-32)

    • ‘Ke tla fana ka moya o halalelang’ (28)

    • Mehlolo lehodimong le lefatsheng (30)

    • Ba tshepetseng lebitsong la Jehova ba tla pholoha (32)

2  “Letsang lenaka Sione,+Hweletsang le le thabeng ya ka e halalelang,Le phatlalatse hore ho tla ba le ntwa. Baahi bohle ba lefatshe ba ke ba ferekaneHobane letsatsi la Jehova le a tla,+ le haufi.  2  Letsatsing leo, ho tla ba le lefifi le tshabehang,+Ho be maru le lefifi le letsholetsho,+Le tla hlaha jwalo ka mafube dithabeng. Ho na le batho ba bangata ba matla,+Ha ho eso ka ho eba le ba tshwanang le bonaEbile ba ke ke ba hlola ba eba tengMolokong ofe kapa ofe.  3  Mollo o tjhesa ntho e nngwe le e nngwe e ka pela wona,Lelakabe le tjhesa tsohle tse ka morao.+ Naha e ka pela bona e jwalo ka Edene,+Ka mora bona ke dithako. Ha ho letho le ka pholohang.  4  Ekare ke dipere,Ba ntse ba matha jwalo ka dipere tsa ntwa.+  5  Ho utlwahala modumo wa kariki e tsamayang thabeng,+Modumo o kang wa ditlhaka tse tjhang. Ba tshwana le batho ba matla ba itokiseditseng ntwa.+  6  Batho ba tla hlonama ka lebaka la bona. Batho bohle ba tla bonahala le mahlong hore ba tshohile.  7  Ba matha jwalo ka bahlabani,Ba hlwa lerako jwalo ka masole,E mong le e mong o a tseba hore na o lokela ho etsang,Ha ho na ya kgelohang tsela.  8  Ha ba sutumetsane,E mong le e mong o tsamaya tseleng ya hae. Ha e mong a bolawa ke lerumo,Ba bang ha ba kgelohe tsela.  9  Ba potlakela motseng, ba matha hodima marako. Ba hlwella matlo, ba kena ka difensetere jwalo ka mashodu. 10  Ha ba hlasela, lefatshe le a reketla, lehodimo le a thothomela, Letsatsi le kgwedi di a fifala,+Dinaledi le tsona di a fifala. 11  Jehova o tla phahamisa lentswe ha a bua le masole a hae+ hobane lebotho la hae le leholo haholo.+ Ya phethang lentswe la hae o matla. Letsatsi la Jehova le leholo ebile le a tshosa.+ Ke mang ya ka le mamellang?”+ 12  Jehova o re: “Le sa na le nako ya ho kgutlela ho nna, le kgutlele ho nna ka dipelo tsohle,+Itimeng dijo,+ le lle, le bokolle. 13  Le bontshe hore le swabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola diaparo tsa lona feela,+Kgutlelang ho Jehova Modimo wa lonaHobane o na le kutlwelobohloko,* o mohau, o dieha ho halefa+ mme o lerato,*+ O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi. 14  Ho tseba mang? Mohlomong o tla fetola qeto eo a e entseng+Ebe o a le hlohonolofatsaE le hore le ka etsetsa Jehova Modimo wa lona nyehelo ya dijo* le nyehelo ya seno. 15  Letsang lenaka Sione. Phatlalatsang hore batho ba itime dijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e kgethehileng.+ 16  Bokellang setjhaba le se hlwekise e le hore phutheho e halalele.+ Bokellang bannabaholo,* bana le masea.+ Monyadi le monyaduwa le bona ba tswe ka kamoreng ya bona. 17  Baprista, bahlanka ba Jehova, ba lleBa le dipakeng tsa aletare le foranta+ ba re: ‘Hauhela batho ba hao Jehova. O se ke wa dumella hore batho ba hao ba nyefolwe,Ba buswe ke ditjhaba tse ding Esere ditjhaba tseo tsa ba soma tsa re: “O kae Modimo wa bona?”’+ 18  Jehova o tla bontsha hore o rata naha ya haeEbe o hauhela batho ba hae.+ 19  Jehova o tla araba batho ba hae a re: ‘Ke tla le fa dijo, veine le oli,Le tla ja le be le di shebe feela.+ Ditjhaba di ke ke tsa hlola di le nyefola.+ 20  Ya hlaselang a tswa leboya ke tla mo suthisetsa hole le lona,Ke mo lelekele sebakeng se omeletseng, se se nang metsi,Ke tla mo shebisa lewatleng le ka botjhabela,* Ke mo furallise lewatleng le ka bophirimela.* Setopo sa hae se tla nkga,Seputa sa hae se nne se nyolohe+Hobane ke tla etsa dintho tse kgolo.’ 21  Wena naha, o se ke wa tshoha, O thabe mme o nyakalle hobane Jehova o tla etsa dintho tse kgolo. 22  Lona diphoofolo tse hlaha, le se ke la tshohaHobane naheng ho tla ba le makgulo a matala.+Le difate di tla beha,+Sefate sa feie* le sa morara di behe haholo.+ 23  Bana ba Sione, thabang le nyakalle ka lebaka la dintho tseo Jehova Modimo wa lona a tla di etsa,+Ka hwetla o tla le nesetsa pula eo le e hlokang,A le nesetse pula ya ditlwebelele,A le nesetse pula ya hwetla le ya selemo jwalo ka pele.+ 24  Diotlo* di tla tlala ka dijo,Dihatelo tsa veine le tsa oli di tla tsholoha.+ 25  Ke tla le buseletsa dintho tsohle tseo le lahlehetsweng ke tsona dilemo tsena tsohle,Tse jeweng ke lebotho la ka le leholo la ditsie* tsa mefutafuta tseo ke neng ke di rometse ho lona.+ 26  Le tla ja le kgore,+Le rorise lebitso la Jehova Modimo wa lona+Ya le etseditseng dintho tse kgolo. Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefolwa.+ 27  Le tla tseba hore ke na le Baiseraele,+Le tsebe hore ke nna Jehova Modimo wa lona+ mme ha ho e mong. Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefolwa. 28  Ka mora moo, ke tla fa motho e mong le e mong moya o halalelang,+Bara le baradi ba lona ba tla profeta,Bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro. Bahlankana ba lona ba bone dipono.+ 29  Ka nako eo, ke tla fana ka moya wa kaEsita le ho makgoba a ka a banna le a basadi. 30  Ke tla etsa hore ho be le mehlolo lehodimong le lefatsheng,Ho tla ba le madi, mollo le mosi.+ 31  Pele letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova le fihla,+Letsatsi le tla fifala, kgwedi e be kgubedu jwalo ka madi.+ 32  E mong le e mong ya tshepetseng* lebitsong la Jehova o tla pholoha+Hobane Thabeng ya Sione le Jerusalema ho na le ba tla pholoha+ feela jwalo ka ha Jehova a boletse,Ke bao Jehova a tla ba bitsa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “o na le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “baholo.”
^ E leng Lewatle le Shweleng.
^ E leng Lewatle la Mediterranean.
^ Kapa: “feiga.”
^ Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.
^ Mona Seheberu se bua ka mefuta e mene ya ditsie.
^ Kapa: “ipiletsang.”