Ho Baheberu 9:1-28

  • Mesebetsi e halalelang e etswang tenteng e halalelang e lefatsheng (1-10)

  • Kreste o kena lehodimong ka madi a hae (11-28)

    • Mmuelli selekaneng se setjha (15)

9  Selekane sa pele se ne se ena le melao e amanang le mesebetsi e halalelang ebile se ena le tente e halalelang+ lefatsheng. 2  Ho ile ha hahwa kamore ya pele ya tente, eo ka ho yona ho neng ho ena le sedulwana sa lebone,+ tafole le bohobe.*+ Kamore eo e ne e bitswa Sehalalelo.+ 3  Ka mora kgaretene ya bobedi+ ho ne ho ena le kamore e bitswang Sehalaledisiso.+ 4  Ka kamoreng eo, ho ne ho ena le pitsa ya kgauta ya ho tjhesetsa dibano+ le areka ya selekane+ e entsweng ka kgauta.+ Ka hara areka eo, ho ne ho ena le nkgo ya kgauta e tshetseng manna,+ molamu wa Arone o neng o metse dipalesa+ le matlapa+ a selekane. 5  Ka hodima areka ho ne ho ena le dikerubime tse kganyang tse kwahetseng sekwahelo sa areka* ka mapheo a tsona.+ Empa hona jwale ha se nako ya hore re bue haholo ka dintho tsena. 6  Ka mora hore dintho tsena di hlophiswe ka tsela ena, baprista ba kena ka kamoreng ya pele ya tente ka dinako tsohle ho etsa mesebetsi e halalelang.+ 7  Empa hanngwe ka selemo moprista ya phahameng o kena ka kamoreng ya bobedi a le mong,+ a nkile madi+ hore a a nyehele bakeng sa hae+ le bakeng sa dibe tseo batho+ ba di entseng ba sa hlokomele. 8  Moya o halalelang o bontsha hore ha ho na motho ya ileng a bontshwa tsela e yang ka Sehalaledisisong ha tente ya pele e ne e ntse e eme.+ 9  Tente ena e tshwantshetsa dintho tse etsahalang ka nako ena.+ Ho tla fihlela hona jwale, dimpho le mahlabelo a nyehelwang+ tenteng eo, ha a etse hore motho ya etsang mosebetsi o halalelang a be le letswalo le kgutsitseng.+ 10  Dimpho le dinyehelo tseo di amana feela le dijo, dino le mekgwa e fapaneng ya ho hlwekisa batho le dintho.*+ Melao eo e amana le dintho tse mona lefatsheng+ mme e ile ya sebetsa ho fihlela nako ya ho lokisa dintho e fihla. 11  Kreste o tlile e le moprista ya phahameng wa dintho tse ntle tse seng di etsahetse. O kene tenteng e bohlokwa haholo le e molemo ho feta ya pele, e sa etswang ke batho ebile ha se ya lefatshe. 12  O kene sehalaledisisong ka madi a hae eseng a dipodi kapa a dipohwana.+ O kene moo hanngwe ebile e le la ho qetela mme a re pholosa ka ho sa feleng.+ 13  Motho ya sa hlwekang o hlaha a hlwekile ho Modimo hobane feela moprista a sebedisa madi a dipodi le a dipoho+ le ho mo fafatsa ka molora wa kgomo ya sethojana* ho mo hlwekisa.+ 14  Madi a Kreste ona a bohlokwa le ho feta+ hobane ka thuso ya moya o halalelang,* o ile a fa Modimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Madi a hae a etsa hore re be le matswalo a kgutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Modimo ya phelang.+ 15  Ka lebaka leo, Kreste ke mmuelli selekaneng se setjha.+ Ka lefu la hae o ile a lopolla batho ka ho lefella dibe+ tseo ba di entseng selekaneng sa kgale e le hore ba bitsitsweng ba ka fumana tshepiso ya bophelo bo sa feleng.+ 16  Ha motho a entse selekane o lokela ho shwa 17  hobane selekane se tiiswa ke lefu. Se ke ke sa sebetsa ha feela motho ya se entseng a ntse a phela. 18  Le selekane sa pele se ne se ke ke sa sebetsa* ka ntle ho madi. 19  Ka mora hore Moshe a bolelle setjhaba sohle ditaelo tse hlahang Molaong, o ile a nka madi a dipohwana le a dipodi a a tswaka le metsi. A nka boya bo bofubedu a bo faseletsa makaleng a hisopa yaba o fafatsa buka* le setjhaba sohle, 20  a ntse a re: “Ana ke madi a selekane seo Modimo a le laetseng hore le se tshepahalle.”+ 21  Tente le dijana tsohle tse sebedisetswang mosebetsi o halalelang le tsona o ile a di fafatsa ka madi.+ 22  Ho ya ka Molao, hoo e ka bang dintho tsohle di hlwekiswa ka madi+ mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.+ 23  Ka hoo, ho ne ho hlokahala hore dintho tsena tseo e leng setshwantsho+ sa dintho tse lehodimong di hlwekiswe ka tsela ena+ empa dintho tse lehodimong tsona di hloka mahlabelo a boleng bo phahameng le ho feta. 24  Kreste ha a ka a kena ka sehalaledisisong se entsweng ke batho,+ seo e leng setshwantsho feela sa sehalaledisiso sa nnete.+ O kene lehodimong la sebele,+ moo a hlahang ka pela Modimo bakeng sa rona.+ 25  Ha a ka a kena lehodimong e le hore a iketse sehlabelo hangata jwalo ka moprista ya phahameng ha a kena ka sehalaledisisong selemo le selemo+ ka madi ao e seng a hae. 26  Ho seng jwalo o ne a tla lokela ho utlwa bohloko hangata ho tloha ha lefatshe le boptjwa. Empa o itlhahisitse hanngwe ebile e le la ho qetela hona jwale qetellong ya mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+ 27  Re a tseba hore batho ba shwa hanngwe ebe ka mora moo ba a ahlolwa. 28  Ka tsela e tshwanang, Kreste le yena o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo hanngwe ebile e le la ho qetela hore a jare dibe tsa ba bangata.+ Ha a hlaha ka lekgetlo la bobedi o tla be a sa tlo tlosa sebe. O tla bonwa ke ba hlileng ba batlang ho pholoswa ke yena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “bohobe ba pontsho.”
^ Kapa: “sekwahelo sa poelano.” Lentswe la Segerike bakeng sa “sekwahelo” le ka boela la bolela nyehelo eo motho a fanang ka yona hore Modimo a mo tshwarele.
^ Ka Segerike: “le dikolobetso tse fapaneng.”
^ Kgomo e eso be le namane.
^ Ka Segerike: “moya o sa feleng.”
^ Ka Segerike: “thehwa.”
^ Kapa: “moqolo.”