Ho Baheberu 3:1-19

  • Jesu o phahametse Moshe (1-6)

    • Ya hahileng dintho tsohle ke Modimo (4)

  • Ba hlokomediswa hore ba se ke ba hloka tumelo (7-19)

    • “Haeba le mamela lentswe la ka kajeno” (7, 15)

3  Ka lebaka leo, bana beso ba halalelang ba bitseditsweng ho ya phela lehodimong,+ nahanang ka moapostola le moprista ya phahameng eo re bolelang hore re na le tumelo ho yena e leng Jesu Kreste.+ 2  O ne a tshepahalla Modimo ya mo kgethileng+ jwalo ka ha Moshe le yena a ne a tshepahalla Modimo ha a ne a sebetsa ntlong ya hae.+ 3  Jesu o nkwa a tshwanelwa ke tlotla+ e fetang ya Moshe feela jwalo ka ha motho ya hahang ntlo a hlomphuwa ho feta ntlo ka boyona. 4  Ntlo e nngwe le e nngwe e hahwa ke motho ya itseng empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo. 5  Moshe e ne e le mohlokomedi ya tshepahalang wa ntlo ya Modimo. Mosebetsi oo a o entseng e ne e le bopaki ba dintho tseo Modimo a neng a tla di bua ha morao. 6  Empa Kreste e ne e le mora ya tshepahalang+ ya okametseng ntlo ya Modimo.+ Re ntlo ya Modimo haeba re dula re ena le sebete sa ho bua ebile re dula re ena le tshepo ho fihlela qetellong mme re le motlotlo ka yona. 7  Ka lebaka lena, moya o halalelang o re:+ “Haeba le mamela lentswe la ka kajeno, 8  le se ke la ba manganga jwalo ka baholoholo ba lona mohla ba neng ba nkgalefisa haholo le jwalo ka mohla ba neng ba nteka lefeelleng.+ 9  Baholoholo ba lona ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse 40.+ 10  Ka lebaka lena, ke ile ka nyonya moloko oo yaba ke re: ‘Setjhaba sena se dula se ntlhanohela ka dipelong tsa sona. Ha se tsebe ditsela tsa ka.’ 11  Ka hoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le nna.’”+ 12  Hlokomelang bana beso hore ho se ke ha eba le ya bang le pelo e mpe e se nang tumelo ka lebaka la ho suthela hole le Modimo ya phelang.+ 13  Le kgothatsane letsatsi le letsatsi ha feela ho sa na le letsatsi le bitswang “kajeno”+ e le hore ho se ke ha eba le eo pelo ya hae e thatafalang ka lebaka la ho thetswa ke sebe. 14  Re tla fuwa seo Kreste a ileng a se fuwa haeba feela re dula re ena le tshepo ho fihlela qetellong e leng tshepo eo re neng re ena le yona ho tloha qalong.+ 15  Mangolo a re: “Haeba le mamela lentswe la ka kajeno, le se ke la ba manganga jwalo ka baholoholo ba lona mohla ba neng ba nkgalefisa haholo.”+ 16  Ke bomang ba utlwileng lentswe la Modimo yaba ba mo halefisa ho ntse ho le jwalo? Na ha se bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba etellwa pele ke Moshe?+ 17  Hape ke bomang bao Modimo a ileng a ba nyonya ka dilemo tse 40?+ Na ha se ba ileng ba etsa sebe, ba ileng ba shwella lefeelleng?+ 18  Ke bomang bao Modimo a ileng a ikana hore ba ke ke ba phomola le yena? Na ha se ba ileng ba hana ho mo mamela? 19  Re a bona hore ba hlotswe ho phomola le Modimo hobane ba ne ba se na tumelo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho