Buka ya Bobedi ya Marena 13:1-25

  • Joase, morena wa Iseraele (10-13)

  • Elisha o batla ho bona hore na Joase o mafolofolo hakae (14-19)

  • Elisha o a shwa, masapo a hae a tsosa motho (20, 21)

  • Boprofeta ba Elisha ba ho qetela bo a phethahala (22-25)

13  Ha Joase+ mora wa Akazia+ morena wa Juda a ena le dilemo tse 23 a busa, Joakaze mora wa Jehu+ ya eba morena wa Iseraele e Samaria mme a busa ka dilemo tse 17.  A nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova, a se ke a tlohela ho etsa sebe seo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+  Jehova a halefela+ Baiseraele+ mme a ba tlohela hore ba hatellwe ke Morena Hazaele+ wa Siria le mora wa hae Ben-hadade+ ka nako e telele.  Ha nako e ntse e ya, Joakaze a kopa Jehova hore a mo thuse. Jehova a mo mamela ka ha o ne a bona ka moo morena wa Siria a hateletseng Baiseraele ka teng.+  Jehova o ile a fa Baiseraele motho ya ileng a ba pholosa+ ho Basiria mme Baiseraele ba dula ka kgotso malapeng a bona jwalo ka pele.  (Le ha ho le jwalo, setjhaba ha se a ka sa tlohela ho etsa sebe* seo ba lelapa la Jeroboame ba ileng ba etsa hore Baiseraele ba se etse.+ Palo e halalelang*+ e neng e le Samaria e ile ya dula e le teng.)  Joakaze o ne a setse feela ka bapalami ba dipere ba 50, dikariki tse leshome le masole a 10 000 hobane morena wa Siria o ne a fedisitse tse ding+ mme a di hatile jwalo ka lerole ha ho polwa.+  Histori yohle ya Joakaze le dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.  Joakaze a shwa* mme a patelwa Samaria.+ Mora wa hae Joase ya eba morena. 10  Ha Joase morena wa Juda a ena le dilemo tse 37 a busa, Joase+ mora wa Joakaze ya eba morena wa Baiseraele Samaria mme o busitse ka dilemo tse 16. 11  O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a se ke a tlohela dibe tsohle tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ O ile a tswela pele ho di etsa.* 12  Histori yohle ya Joase, dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng le ka moo a ileng a lwantsha Morena Amazia wa Juda ka teng,+ di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 13  Joase a shwa* mme Jeroboame*+ a dula teroneng ya hae. Joase o ile a patelwa Samaria le marena a Iseraele.+ 14  Ha Elisha+ a kula, a tshwerwe ke bolwetse boo qetellong bo ileng ba mo bolaya, Joase morena wa Iseraele o ile a tla ho yena mme a lla a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ya ntwa le bapalami ba dipere ba Iseraele!”+ 15  Elisha a re ho yena: “Nka seqha le metsu.” Joase a di nka. 16  Elisha a re ho morena wa Iseraele: “Itokisetse ho betsa.” A itokisetsa ho betsa mme Elisha a beha matsoho a hae hodima matsoho a morena. 17  Elisha a re: “Bula fensetere e ka botjhabela.” A e bula. Elisha a re: “Betsa!” A betsa. A boela a re ho morena wa Iseraele: “Motsu wa Jehova wa tlholo,* o tla hlola Siria! O tla hlasela* Siria Afeke+ ho fihlela o e fedisitse.” 18  Elisha a re: “Nka metsu” yaba o a e nka. A re ho morena wa Iseraele: “Otla fatshe.” A otla ka makgetlo a mararo yaba o a emisa. 19  Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete a mo halefela a re: “O ka be o otlile fatshe ka makgetlo a mahlano kapa a tsheletseng! Ka tsela eo o ne o tla hlasela Siria ho fihlela o e fedisitse empa o tla e hlasela ka makgetlo a mararo feela.”+ 20  Ka mora moo, Elisha a shwa mme a patwa. Ha selemo se seng le se seng se qala,* masole a Bamoabe+ a ne a tla naheng. 21  Ha banna ba bang ba ntse ba pata motho, ba ile ba bona sehlopha sa masole yaba ka potlako ba lahlela setopo seo moo Elisha a neng a patetswe teng mme ba baleha. Ha setopo seo se thetsa masapo a Elisha, motho eo a phela+ yaba o ema ka maoto. 22  Morena Hazaele+ wa Siria a hatella Baiseraele+ nakong yohle eo Joakaze e neng e le morena. 23  Empa Jehova o ile a ba hauhela+ mme a bontsha hore o a ba kgathalla ka lebaka la selekane seo a se entseng le Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ Ha a ka a ba fedisa kapa a ba leleka* ho fihlela letsatsing lena. 24  Ha Morena Hazaele wa Siria a shwa, mora wa hae Ben-hadade ya eba morena. 25  Joase mora wa Joakaze a boela a hapa metse eo Ben-hadade mora wa Hazaele a neng a e nkile ho ntate wa hae. Joase a mo hlasela* ka makgetlo a mararo+ mme a kgutlisa metse ya Iseraele.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ho tsamaya sebeng.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Ka Seheberu: “a tsamaya ho tsona.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
E leng Jeroboame wa Bobedi.
Kapa: “poloko.”
Kapa: “hlola.”
Ho ka etsahala hore e ne e le ka nako ya selemo.
Ka Seheberu: “ka pela hae.”
Kapa: “hlola.”