Buka ya Bobedi ya Marena 11:1-21

  • Athalia o busa ka nkane (1-3)

  • Joase o etswa morena ka sephiri (4-12)

  • Athalia o a bolawa (13-16)

  • Jehojada o etsa diphetoho motseng (17-21)

11  Ha Athalia+ mme wa Akazia a hlokomela hore mora wa hae o shwele,+ a bolaya bana bohle ba boreneng.*+ 2  Empa ngwanabo Akazia e leng Josheba moradi wa Morena Jorame, a nka Joase+ mora wa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tlo bolawa, a mo beha kamoreng ya ho robala le mohlokomedi wa hae. Athalia ha a ka a mo bolaya hobane ba ne ba mo patile. 3  Josheba a dula le Joase dilemo tse tsheletseng a mo patile ntlong ya Jehova, ha Athalia a ntse a busa naheng. 4  Ka selemo sa bosupa, Jehojada a bitsa balaodi ba ba makgolo ba balebedi ba Bakaria le balebedi* ba phaleisi+ hore ba tle ho yena ntlong ya Jehova. A etsa tumellano* le bona mme a re ba hlapanye ntlong ya Jehova hore ba tla tshepahalla tumellano eo yaba o ba bontsha mora wa morena.+ 5  A re ho bona: “Sehlopha se le seng ho tse tharo tsa lona se tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha mme se etse bonnete ba hore se lebela ntlo ya morena.*+ 6  Sehlopha se seng se tla lebela keiti e bitswang Keiti ya Motheo mme se seng se lebele keiti e ka mora phaleisi ya balebedi. Le tjhentjhane ka ho lebela ntlo ya morena. 7  Dihlopha tse pedi tse sa sebetseng ka letsatsi la Sabatha, di etse bonnete ba hore di lebela ntlo ya Jehova e le hore di sireletse morena. 8  Le sireletse morena ka mahlakoreng ohle mme kaofela le nke dibetsa. Motho ya tla feta masole a lebetseng a bolawe. Le tsamaye le morena hohle moo a yang teng.”* 9  Balaodi ba ba makgolo+ ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaodi e mong le e mong a ya ho moprista Jehojada+ le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha le ba neng ba sa sebetse. 10  Moprista a fa balaodi ba ba makgolo marumo le dithebe tse sedikadikwe tsa Morena Davida tse neng di le ka tlung ya Jehova. 11  Balebedi+ ba ema dibakeng tsa bona, e mong le e mong a tshwere dibetsa, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ya ka ho le letshehadi haufi le aletare+ le ntlo, ba potolohile morena. 12  Jehojada a tlisa mora wa morena+ yaba ba mo rwesa korone mme ba beha Buka ya Molao*+ hloohong ya hae, ba mo tlotsa hore e be morena. Ba opa diatla ba re: “Morena a ke a phele!”+ 13  Ha Athalia a utlwa batho ba mathang, hanghang a tla ntlong ya Jehova.+ 14  A bona morena a eme pela pilara moo marena a neng a tlwaetse ho ema teng.+ Morena o ne a le moo le balaodi le batho ba letsang diterompeta,+ batho bohle ba ne ba thabile ebile ba letsa diterompeta. Athalia a tabola diaparo tsa hae mme a hweletsa a re: “Borabele! Borabele!” 15  Empa moprista Jehojada a re ho balaodi ba ba makgolo+ e leng baokamedi ba masole: “Mo tloseng hara masole. Ha ho ka ba le motho ya mo latelang le mo bolaye ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaelwa ka hara ntlo ya Jehova. 16  Ba mo tshwara mme ha ba fihla tseleng ya dipere e yang ntlong ya morena,*+ ba mo bolaya. 17  Jehojada a etsa selekane pakeng tsa Jehova, morena le batho+ sa hore e tla dula e le batho ba Jehova. A boela a etsa selekane pakeng tsa morena le batho.+ 18  Ka mora moo, batho bohle ba tla tempeleng* ya Baale mme ba diha dialetare,+ ba pshatla ditshwantsho+ tsa hae mme ba bolaela Matane moprista wa Baale+ ka pela dialetare. Moprista a kgetha balebedi e le hore ba lebele ntlo ya Jehova.+ 19  A tsamaya le balaodi ba ba makgolo,+ balebedi ba Bakaria, balebedi ba phaleisi+ le batho bohle ho felehetsa morena ho tswa ntlong ya Jehova. Ba tla ntlong ya morena* ba tsamaya ka tsela e tswang keiting ya balebedi ba phaleisi. Joase a dula teroneng ya marena.+ 20  Batho bohle ba thaba mme motse wa eba le kgotso ka ha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole ntlong ya morena. 21  Joase+ o ne a le dilemo di supileng ha e eba morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “peo yohle ya mmuso.”
^ Kapa: “selekane.”
^ Ka Seheberu: “dimathi.”
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tswa.”
^ Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuwa ka moqolo o neng o na le Molao wa Modimo.
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Kapa: “ntlong.”
^ Kapa: “phaleising.”