Feta

Na Modimo o Teng?

Na Modimo o Teng?

Karabo ya Bibele

 E, Bibele e fana ka bopaki bo kgodisang ba hore Modimo o teng. E re kgothalletsa hore re be le tumelo ho Modimo, ka ho sebedisa ‘matla a rona a ho nahana’ le “matla a kelello,” eseng ka ho dumela dithuto tsa bodumedi ka hlooho e ntsho. (Baroma 12:1; 1 Johanne 5:​20) A ko hlahlobe mabaka a latelang a thehilweng Bibeleng.

  •   Taba ya hore ho na le bokahohle bo hlophisehileng bo nang le dintho tse phelang, e bontsha hore ho na le Mmopi. Bibele e re: “Ka ho hlakileng, ntlo e nngwe le e nngwe e hahwa ke motho ya itseng, empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo.” (Baheberu 3:⁠4) Le hoja taba ena e le bonolo, batho ba bangata ba rutehileng ha ba e utlwisise. *

  •   Re na le takatso ya tlhaho ya ho batla ho tseba hore na re phelelang, e leng takatso e dulang e le teng le ka mora hore re kgotsofatse ditlhoko tsa rona tsa nama. Sena ke seo Bibele e se bitsang “tlhoko ya [rona] ya moya,” e leng takatso ya ho batla ho tseba Modimo le ho mo rapela. (Matheu 5:3; Tšenolo 4:​11) Taba ya hore re na le tlhoko ena ya moya, ke bopaki ba hore Modimo o teng hape e bontsha hore ke Mmopi ya re ratang mme o batla hore re kgotsofatse tlhoko eo.​—Matheu 4:4.

  •   Boprofeta bo ka hara Bibele bo ile ba ngolwa dilemo tse makgolo pele bo phethahala mme bo ile ba phethahala hantle ka moo bo neng bo profetilwe ka teng. Ho nepahala ha dintlha tsa boprofeta boo, ke bopaki bo matla ba hore bo ne bo tswa mohloding o phahametseng batho.​—2 Petrose 1:​21.

  •   Bangodi ba Bibele ba ne ba na le tsebo ya saense eo batho ba neng ba phela mehleng eo ba neng ba se na yona. Ka mohlala, mehleng ya kgale batho ba bangata ba ne ba dumela hore lefatshe le dutse hodima phoofolo e kang tlou, kolobe-moru kapa pholo. Ho fapana le seo, Bibele e re Modimo o “leketlisa lefatshe hodima lefeela.” (Jobo 26:7) Bibele e bua ka ho nepahala ha e re lefatshe le “tjhitja” kapa ke “qitikwe.” (Esaia 40:22, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Douay Version) Batho ba bangata ba dumela hore ntho feela e ka hlalosang sena ke hore bangodi ba Bibele ba ne ba fumana boitsebiso ba bona ho Modimo.

  •   Bibele e araba dipotso tse ngata tse thata, tseo haeba motho a sa fumane dikarabo tsa tsona a ka latolang hore Modimo o teng. Ka mohlala, haeba Modimo o lerato ebile o na le matla, ke hobaneng ha ho na le mahlomola le bokgopo lefatsheng? Ke hobaneng ha bodumedi bo susumetsa batho hore ba etse dintho tse mpe ho ena le hore ba etse dintho tse molemo?​—Tite 1:​16.

^ Ka mohlala, ha Allan Sandage, eo e neng e le setsebi sa dinaledi a bua ka bokahohle, o ile a re: “Ha ho utlwahale ho dumela hore bokahohle bona bo hlophisehileng bo bile teng ka ho phatloha ho hoholo. Ho nna Modimo ke sephiri, empa ke ka yena feela re ka hlalosang mohlolo wa bophelo, lebaka leo ka lona dintho di leng teng.”