Feta

Bibele e Reng ka ho Fana?

Bibele e Reng ka ho Fana?

Karabo ya Bibele

 Bibele e re kgothalletsa hore re ithaopele ho fana mme re etse seo ka sepheo se nepahetseng. E bontsha hore ho fana ho thabisa motho ya fanang le ya fuwang. (Liproverbia 11:25; Luka 6:​38) Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

 Ho fana ho molemo ha ho le jwang?

 Ho fana ho molemo ha ho etswa ka boithatelo. Bibele e re: “E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.”​—2 Bakorinthe 9:7.

 Ho fana ho tswa pelong ke karolo ya “mofuta wa borapedi” oo Modimo a o amohelang. (Jakobo 1:​27) Motho ya thusang motho ya hlokang o sebetsa mahetla a bapile le Modimo mme o nka seo e le ho mo adima. (Liproverbia 19:17) Bibele e ruta hore Modimo o tla buseletsa motho ya fanang.​—Luka 14:12-​14.

 Ho fana ho fosahetse ha ho le jwang?

 Haeba ho etswa ka sepheo se fosahetseng. Mehlala:

 Haeba ho tshehetswa dintho tseo Modimo a sa di amoheleng. E ka ba phoso ho fa motho tjhelete ya ho betjha kapa ya ho sebedisa dithethefatsi le jwala hampe. (1 Bakorinthe 6:​9, 10; 2 Bakorinthe 7:1) Ka tsela e tshwanang ho fosahetse ho thusa motho ya ka kgonang ho iphedisa empa a sa batle ho sebetsa ka thata.​—2 Bathesalonika 3:​10.

 Haeba ho sitisa motho ho phetha boikarabelo boo Modimo a mo fileng bona. Bibele e ruta hore dihlooho tsa malapa di lokela ho hlokomela ditlhoko tsa malapa a tsona. (1 Timothea 5:8) E ka ba phoso haeba hlooho ya lelapa e kgetha ho thusa batho ba bang ho e na le ho thusa lelapa la hae. Ka tsela e tshwanang Jesu o ile a nyatsa batho ba neng ba sa batle ho thusa batswadi ba bona ba hodileng hobane ba re dintho tsohle tsa bona ke “mpho e nehetsweng ho Modimo.”​—Mareka 7:​9-​13.