Diketso Tsa Baapostola 20:1-38

  • Ha Pauluse a le Macedonia le Greece (1-6)

  • Eutikase o tsoswa bafung Troase (7-12)

  • Ba tloha Troase ba ya Miletase (13-16)

  • Pauluse o kopana le baholo ba Efese (17-38)

    • Ho ruta ka ntlo le ntlo (20)

    • “Ho fana ho thabisa haholo” (35)

20  Ka mora hore morusu o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa a ba kgothatsa. A ba sadisa hantle yaba o ya Macedonia.  A tsamaya dibaka tse ngata moo a ntse a kgothatsa barutuwa, ka mora moo a fihla Greece.  O ile a qeta dikgwedi tse tharo moo. Ha a le haufi le ho ya Siria ka sekepe, a tseba hore Bajuda+ ba rerile ho mo bolaya yaba o etsa qeto ya ho kgutla le Macedonia.  O ne a feleheditswe ke Sopatere mora wa Pirase wa Berea, Aristakase+ le Sekundase ba tswang Thesalonika, Gaiase wa Derbe, Timothea+ ha mmoho le Tikikase+ le Trofimase+ ba tswang profinseng ya Asia.  Banna bana ba ile ba re siya yaba ba re emela Troase.  Ra tloha Filipi ka sekepe ka mora Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Pele matsatsi a mahlano a fela, ra fihla ho bona Troase yaba re qeta matsatsi a supileng moo.  Ka letsatsi la pele la beke ha re ne re bokane e le hore re ka ja mmoho, Pauluse a bua le bona ho fihlela hara mpa ya bosiu ka ha o ne a tlo tsamaya ka le hlahlamang.  Ho ne ho ena le mabone a mangata ka kamoreng e ka hodimo moo re neng re bokane.  Mohlankana ya bitswang Eutikase o ne a dutse fensetereng ha Pauluse a ntse a bua yaba o ya le sephume sa boroko mme a wa a le mokatong wa boraro. Ha ba fihla ho yena ba mo fumana a se a shwele. 10  Pauluse a theohela mokatong o ka tlase, a paqama hodima hae, a mo kopa ka matsoho+ yaba o re: “Kgaotsang ho lla hobane o a phela.”+ 11  Pauluse a kgutlela mokatong o ka hodimo, a ngwatha dijo* a ja. A buisana le bona ho fihlela hoseng yaba wa tsamaya. 12  Barutuwa ba tsamaya le mohlankana eo a phela, ba tshedisehile haholo. 13  Ra palama sekepe yaba re ya Asose, Pauluse yena a ya teng ka maoto. Re ne re rerile ho mo lata moo ka sekepe jwalo ka ha a ne a re kopile. 14  Ha a re fumana Asose, ra mo palamisa sekepe yaba re ya Mitilene. 15  Ka le hlahlamang ra palama sekepe ra fihla pela Kiose. Ka la hosane ra fapohela Samose yaba letsatsing le latelang re fihla Miletase. 16  Pauluse o ne a batla ho feta feela Efese+ e le hore a se ke a qeta nako profinseng ya Asia. O ne a potlaketse hore haeba ho kgoneha a fihle Jerusalema+ letsatsing la Mokete wa Pentekonta. 17  Ha a le Miletase a romela molaetsa ho baholo ba phutheho ya Efese hore ba tle ho yena. 18  Ha ba fihla ho yena a re ho bona: “Le tseba hantle bophelo boo ke bo phetseng ha ke ena le lona ho tloha letsatsing la pele ke fihlile profinseng ya Asia.+ 19  Ke ne ke sebeletsa Morena jwalo ka lekgoba ka boikokobetso bohle+ le meokgo, ka ba le ditsietsi tse ngata hobane ka makgetlo Bajuda ba ile ba rera ho mpolaya. 20  Hape ha ke a ka ka le patela letho le molemong wa lona kapa ka kgaotsa ho le ruta phatlalatsa+ le ka ntlo le ntlo.+ 21  Ke ile ka fana ka bopaki bo hlakileng ho Bajuda le Bagerike, ka ba bontsha hore ba lokela ho baka,+ ba sebeletse Modimo mme ba dumele ho Morena wa rona Jesu.+ 22  Hona jwale moya o ntataisetsa Jerusalema le hoja ke sa tsebe hore na ke tla hlahelwa keng ha ke le moo. 23  Ntho eo ke e tsebang ke hore motseng o mong le o mong moya o halalelang o dula o mpolella hore teronko le mahloriso di nkemetse.+ 24  Empa ha ke nke bophelo ba ka bo le bohlokwa, ke mpa feela ke batla ho qeta peiso ya ka+ le mosebetsi oo ke o filweng ke Morena Jesu wa ho bolella batho ditaba tse monate tsa mosa* wa Modimo ka tsela e phethahetseng. 25  Ke a tseba hore lona bohle bao ke ileng ka le bolella ka Mmuso wa Modimo le ke ke la hlola le mpona. 26  Ka hoo, ke le bitsitse hore le pake letsatsing lona lena hore ha ke molato wa madi a mang kapa mang+ 27  hobane ha ke a ka ka le patela merero yohle ya Modimo.+ 28  Le itebele+ le be le lebele mohlape wohle oo moya o halalelang o le kgethetseng hore le o lebele+ le be le dise phutheho ya Modimo+ eo a e rekileng ka madi a Mora wa hae.+ 29  Ke a tseba hore ka mora hore ke tlohe, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona+ mme di ke ke tsa tshwara mohlape ka mosa. 30  Le hona hara lona mona ho tla hlaha batho ba tla sotha nnete ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao.+ 31  Ka hoo, dulang le fadimehile mme le hopole hore ka dilemo tse tharo,+ bosiu le motshehare, ha ke a ka ka kgaotsa ho le eletsa kaofela. Ke ne ke bile ke lla ha ke ntse ke bua le lona. 32  E se eka Modimo le molaetsa o buang ka mosa wa hae o ka le sireletsa. Molaetsa oo o ka le matlafatsa le ho le bulela tsela ya ho fumana lefa le tlo fuwa bahalaledi bohle.+ 33  Ha ke eso kgalle silevera, kgauta kapa diaparo tsa mang kapa mang.+ 34  Le a tseba hore ke sebeleditse ditlhoko tsa ka+ le tsa batho bao ke neng ke ena le bona ka matsoho ana a ka. 35  Ke le bontshitse ka diketso tsa ka nthong e nngwe le e nngwe hore na le lokela ho etsang+ e le hore le thuse batho ba hlokang thuso. Hape le hopole mantswe a Morena Jesu ha a re: ‘Ho fana ho thabisa haholo+ ho feta ho fuwa.’” 36  Ha a qeta ho tjho jwalo, yena le batho bao kaofela ba kgumama yaba o a rapela. 37  Kaofela ha bona ba lla haholo yaba ba haka Pauluse le ho mo suna. 38  Ntho e neng e ba utlwisitse bohloko le ho feta ke ha a re ba ke ke ba hlola ba mo bona.+ Yaba ba a mo felehetsa ho ya sekepeng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “a qhetsola bohobe.”