Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabela Melemo e Tliswang ke ho Fana

Thabela Melemo e Tliswang ke ho Fana

ALEXANDRA o ne a le ka beseng, bodareng, ha a utlwa motho a re: “Bese ha e tsamaye empa ha e le monna enwa wa Letjhaena yena wa sala!” O ile a theoha yaba o bona monna e mong a ntse a leka ho hlalosetsa lepolesa se mo etsahalletseng empa o ne a sa kgone ho bua Sepanishe. Kaha Alexandra o kile a kopanela phuthehong ya Setjhaena ya Dipaki Tsa Jehova, o ile a ithaopela ho tolokela monna eo.

Monna eo o ile a re ke moahi wa moo empa o ile a tshwarwa poho yaba o nkelwa tjhelete le ditokomane tsa hae. Lepolesa leo ha le a ka la kgolwa Alexandra ebile le ile la nahana hore ke e mong wa ba kwetelang batho. Qetellong le ile la mo kgolwa empa monna eo o ne a tlameha ho patala tjhelete e itseng e le hore a ka tshela. Alexandra o ile a ithaopela ho mo fa tjhelete e lekanang le R280 e le hore a patale. Monna eo o ile a thaba haholo a ba a mo tshepisa hore o tla mo patala tjhelete e fetang eo. Empa Alexandra o ile a mo hlalosetsa hore o ikutlwa a tlameha ho mo thusa kahoo monna eo a se ke a mo patala. O ile a fa monna eo dingolwa tsa Bibele yaba o mo kgothalletsa hore a ithute Bibele le Dipaki.

Ho a thabisa ho utlwa kamoo ba bang ba fanang le ho bontsha mosa kateng esita le ho batho bao ba sa ba tsebeng. Na le wena o ka be o ile wa etsa ho tshwanang? Potso ena ke ya bohlokwa hobane Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Bafuputsi le bona ba a dumela hore motho ya fanang o a thaba. Ha re boneng hore ka tsela efe.

“YA FANANG A NYAKALETSE”

Hangata ho fana ho tsamaisana le ho thaba. Moapostola Pauluse o ile a re: “Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.” O ne a bua ka Bakrete ba ileng ba fana ka menehelo bakeng sa ho thusa Bakrestemmoho le bona ba neng ba e na le mathata. (2  Bakorinthe 8:4; 9:7) Pauluse o ne a sa bolele hore ba ile ba fana hobane ba thabile empa o ne a bolela hore ba ile ba thaba hobane ba ile ba thusa ba bang.

Ho ya ka saense, ho fana “ho hlasimolla kelello mme ho tlisa thabo, ho kopanya batho ebile ho etsa hore ba tshepane.” Patlisiso e nngwe yona e fumane hore “ha batho ba ne ba fa ba bang tjhelete ba ne ba thaba ho feta ha ba ithekela dintho ka yona.”

Mohlomong ka dinako tse ding o ikutlwa eka ha hona letho le lekaalo leo o ka le etsang kapa wa fana ka lona. Empa motho e mong le e mong a ka thabiswa ke ho ba “ya fanang a nyakaletse.” Haeba o fana o nyakalletse le hoja o sa fane ka ntho e kgolo, o ka thaba. Paki e nngwe ya Jehova e ile ya romela molaetsa moo ho etswang makasine ena, ya re: “E se e le dilemo jwale ke ntsha monehelo o seng mo kae phuthehong. Empa Jehova o mphile ho hongata ho feta seo ke faneng ka sona. . . . Kea leboha hore ebe le mphile monyetla wa hore ke fane ka mpho ena, ruri sena se a nkgothatsa.”

Ha se tjhelete feela eo re ka fanang ka yona. Re ka boela ra fana ka dintho tse ding.

HO FANA HO ETSA HORE MOTHO A PHELE HANTLE

Ho thusa ba bang ho a thabisa

Bibele e re: “Motho ya nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokgwa o putsang le moya wa hae, empa motho ya sehloho o tlisetsa mmele wa hae kgathatso.” (Liproverbia 11:17) Batho ba mosa baa fana mme ba sebedisa nako le matla a bona molemong wa ba bang. Ba fumana melemo e mengata e akarelletsang ho phela hantle mmeleng.

Dipatlisiso di bontsha hore ha se hangata batho ba fanang ba kulang kapa ba e bang le kgatello ya maikutlo. Empa ba phela hantle. Ho fana ho boetse ho etsa hore batho ba bang ba nang le mafu a sa foleng ba ikutlwe ba le betere. Dipatlisiso di boetse di bontsha hore ha batho ba ntseng ba thuswa ho tlohela jwala, ba thusa ba bang, ba kgona ho etsa seo kapele ba sa be le kgatello ya maikutlo.

Makasine e nngwe e hlalosa hore “ha motho a rata batho ebile a fana hangata ha a nahane ka dintho tse nyahamisang.” Ho fana ho ka boela ha fokotsa kgatello ya madi le ya maikutlo. Hape ha batho ba hlokahalletsweng ke balekane ba thusa ba bang ba ile ba hlola ho ba le kgatello ya maikutlo.

Ruri ho fana ho a thabisa.

HO FANA HO A TSHWAETSANA

Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Itlwaetseng ho fana, mme batho ba tla le fa. Ba tla tshela dikotleng tsa diaparo tsa lona tekanyo e ntle, e hlohlilweng, e hlokohlilweng le e tsholohang. Etswe tekanyo eo le lekanyang ka yona, ba tla le lekanyetsa ka yona ka ho tshwanang.” (Luka 6:38) Ha o thusa batho ba bang, hangata le bona ba etsa se tshwanang ho wena le ho ba bang. Kahoo ho fana ho thusa batho ho ba le tshebedisano mmoho mme ho tiisa setswalle.

Ho fana ho a tshwaetsana

Bafuputsi ba ile ba hlokomela hore “batho ba tlwaetseng ho fana ba susumetsa ba bang ho latela mohlala wa bona.” Ba boetse ba bontsha hore “ha motho a bala ka mosa o bontshitsweng ke ba bang o susumelletseha ho etsa se tshwanang.” Ke ka lebaka leo bafuputsi ba reng “motho a le mong a ka susumetsa batho ba bangata ho akarelletsa le bao a sa ba tsebeng.” Ka sebele ho fana ho ka tshwaetsa ba bang mme bophelo bo ka ba monate haeba batho ba bangata ba itlwaetsa ho fana.

Ka mohlala, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa ithaopela ho fana ka diphallelo ha ho ne ho e na le sefefo se matla Florida, U.S.A. Ha Dipaki di ntse di emetse ho sebetsa ntlong e nngwe, di ile tsa hlokomela hore fense ya moahelane wa tsona e senyehile kahoo tsa ithaopela ho e lokisa. Moahelane eo o ile a ngolla ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova a re: “Ka sebele ke qala ho kopana le batho ba ratang batho hakaana. Ke leboha haholo.” O ile a bontsha hore o a leboha ka hore a ntshe monehelo e le ho tshehetsa mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova.

LATELA MOHLALA WA MODIMO WA HO HO FANA

Phuputso e nngwe ya saense e re “ka tlhaho batho ba rata ho thusana.” E boetse e re “esita le bana ba rata ho fana mme ba qala ho etsa seo e sa le masea.” Hobaneng? Bibele e re re bopilwe ka “setshwantsho sa Modimo” kahoo re kgona ho bontsha makgabane a tshwanang le a hae.—Genese 1:27.

Mmopi wa rona, Jehova ke Modimo ya fanang. O re file bophelo le ntho e nngwe le e nngwe e re thabisang. (Liketso 14:17; 17:26-28) Haeba re bala Lentswe la hae, e leng Bibele, re tla ithuta ka merero ya hae le ka lerato la hae ho rona hape re tla ba metswalle ya hae. Bibele e boetse e re bolella ka seo Modimo a se entseng e le hore re fumane bophelo bo sa feleng nakong e tlang. * (1 Johanne 4:9, 10) Kaha re entswe ka setshwantsho sa Modimo, re etsa hantle ha re etsisa mohlala wa hae wa ho fana. Haeba re etsa jwalo re tla thaba mme Modimo o tla re amohela.—Baheberu 13:16.

Na o ntse o hopola Alexandra, eo ho builweng ka yena qalong ya sehlooho see? Pale ya hae e ile ya fella kae? Le hoja motho e mong ya neng a le ka beseng eo a ile a re Alexandra o bapetse ka tjhelete ya hae, monna eo a ileng a mo thusa o ile patala tjhelete eo. Ho feta moo, monna eo o ile a ithuta Bibele. Alexandra o ile a thaba haholo ha a kopana le monna eo kamora dikgwedi tse tharo, kopanong ya puo ya Setjhaena ya Dipaki Tsa Jehova, Peru. Monna eo o ile a ba a memela Alexandra le ba neng ba tsamaya le yena restjhurenteng ya hae.

Ruri ho fana le ho thusa ba bang ho a thabisa. Re ka thaba le ho feta haeba re ka thusa ba bang ho tseba ka Jehova Modimo e leng mofani wa dimpho tsohle tse molemo!—(Jakobo 1:17) Le wena o ka thabela melemo e tliswang ke ho fana! ▪

^ par. 21 E le hore o fumane dintlha tse ding, sheba buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova e fumanehang websaeteng ya www.jw.org/st. Sheba tlasa LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA.