Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae
Ithute haholoanyane ka Mora oa Molimo le Mopholosi oa moloko oa batho e leng Jesu Kreste, livideong tsena.
Kakaretso ea Letoto la Livideo Tsa Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae
Iponele Likosepele li phela letotong lena le thabisang la livideo le buang ka Jesu Kreste.
Karolo ea Pele: Leseli la ’Nete la Lefatše
Batho ba tla pholosoa joang sebeng seo ba se futsitseng ho Adama? Mesia ke eena feela ea ka ba pholosang.
Karolo ea Bobeli: “Enoa ke Mora oa ka”
Johanne Mokolobetsi o lokisa tsela bakeng sa Mesia. Bona liketsahalo tse ikhethang tse bontšang qaleho ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng.
Karolo ea Boraro: “Ke Eena”
Jesu o bolella Nikodemase, mosali oa Mosamaria le batho ba sebakeng sa habo sa Nazaretha hore ke Mesia. Batho ba ’maloa ba lipelo li ntle ba lumela ho eena. Ka mor’a hore Jesu a etse mohlolo o ikhethang, o mema batšoasi ba litlhapi ba ikokobelitseng hore e be balateli ba hae.
Karolo ea Bone: “Ke Eona Ntho eo ke e Tletseng”
Jesu o senola matla a hae a ho folisa batho le ho leleka bademona. Empa ba bang baa mo hanyetsa ’me ba rera ho mo bolaea. Ka lebaka la liketso tsa hae tse bontšang kutloelo-bohloko le bokhoni ba hae bo ikhethang ba ho ruta, Jesu o etsa barutuoa ’me o khetha baapostola ba 12.
Karolo ea Bohlano: “Ba Tsota Tsela eo a Rutang ka Eona”
Ka mor’a ho folisa letšoele le leholo, Jesu o qala ho ruta batho ka tsela eo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba e-s’o ka ba ruta ka eona. Bamameli ba hae ba hlolloa ke matla a thuto ea hae, lipapiso tseo a li etsang le likeletso tseo ba ka li sebelisang bophelong ba letsatsi le letsatsi.
Karolo ea Botšelela: “Na ke Uena ea Tlang?”
Jesu o bontša hore o na le matla a ho tsosa bafu. Mehlolo le lithuto tsa hae tse ikhethang li senola sepheo sa bamameli ba hae. Jesu o sebelisa lipapiso ho hlalosa ’Muso oa Molimo.
Mofetola oa Letoto la Livideo Tsa Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae
Shebella letoto lena la livideo le thabisang le phelisang litlaleho tsa Likosepele.

